Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 1/15 leq. 32
  • Ha Bakreste ba Sefshoa Joaloka Koro

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Bakreste ba Sefshoa Joaloka Koro
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 1/15 leq. 32

Ha Bakreste ba Sefshoa Joaloka Koro

NAKOANA pele Jesu a e-shoa, o ile a lemosa barutuoa ba hae a re: ‘Bonang, Satane o le batlile hore a le sefe joaloka koro.’ (Luka 22:31) O ne a bolela’ng ka mantsoe ao?

Mehleng ea Jesu, ho kotula koro ho ne ho nka nako e telele ebile e le mosebetsi o mongata. Bakotuli ba ne ba qala ka ho hela koro masimong. Ka mor’a moo, ba ne ba pola koro ka ho e otlanya nthong e thata kapa ka liphoofolo tse hulang selei se polang. Sena se ne se etsoa e le hore koro e arohane le litlhaka le litlhoka. Ka mor’a moo, balemi ba ne ba olōsa. Koro e ne e oela ka seotlong ha moea o fefola ’mōkō. Qetellong koro e ne e sefshoa hore ho ntšoe lintho tsohle tse sa hlokahaleng.

Joalokaha Jesu a ne a boletse, nakong eo, Satane o ile a hlasela barutuoa ba Jesu a sa khaotse, ’me o ntse a re hlasela le kajeno. (Baef. 6:11) Ke ’nete hore hase bothata bo bong le bo bong boo re thulanang le bona bophelong bo hlileng bo bakoang ke Satane. (Moek. 9:11) Leha ho le joalo, Satane o ikemiselitse ka matla ho sebelisa mokhoa o mong le o mong oo a ka khonang ho o sebelisa ho etsa hore re se ke ra tšepahala. Ka mohlala, a ka ’na a re leka hore re phelele lintho tse bonahalang, re khethe boithabiso bo kotsi, kapa re etse boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. Hape, a ka re hatella ka metsoalle ea sekolong kapa ea mosebetsing le beng ka rōna bao e seng Bakreste hore re lelekise thuto ea lefatše lena le mesebetsi ea lona ho fihlela re fihla sehlohlolong. Ho feta moo, Satane a ka sebelisa mahloriso a totobetseng hore re se ke ra tšepahala ho Molimo. Ha e le hantle, ho na le litsela tse ling tse ngata tseo ho ka thoeng Satane o re sefa ka tsona.

Ebe re ka ema khahlanong le sera see se matla joang? Re ke ke ra se loantša ka matla a rōna. Satane o matla ho re feta; leha ho le joalo, rea tseba hore Jehova o matla ka tsela e ke keng ea lekanngoa ha a bapisoa le Satane. Haeba re tšepa Jehova ka ho feletseng, re rapela ka tieo hore a re fe bohlale ba ho mamella le ba ho ba sebete, ’me re tšepa tataiso ea hae ka ho feletseng, o tla re matlafatsa hore re hanele litlhaselo tsa Satane.—Pes. 25:4, 5.

Ha re lekoa, ho hlokahala hore re be le bokhoni ba “ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng” e le hore re ka qoba ho khelosoa ke maano a Satane. (Baheb. 5:13, 14) Jehova a ka re thusa hore re be le bokhoni boo. Joale, re lokela ho lula tseleng e nepahetseng ho sa tsotellehe hore na ke sefe se etsahalang. Haeba re latela tataiso ea Jehova, a ke ke a hlōloa ho re tšehetsa ha re ikemiselitse ho ba sebete ho etsa se nepahetseng.—Baef. 6:10.

Satane a ka ’na a leka ho re sefa joaloka koro. Empa ka matla ao re a fuoang ke Jehova, re ka ema khahlanong le eena, re tiile tumelong. (1 Pet. 5:9) Ntle ho pelaelo, Lentsoe la Jehova le re tiisetsa sena: “Le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.”—Jak. 4:7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela