Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 6/15 leq. 32
  • Leqheka le Bohlale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Leqheka le Bohlale
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 6/15 leq. 32

Leqheka le Bohlale

BAHLANKANA ba bang ba bararo ba Afrika Bohareng ba ne ba batla ho ea kopanong ea setereke naheng ea habo bona. Ebe ba ne ba tla fihla joang moo? E ne e ka ba sebaka se bohōle ba lik’hilomithara tse 90 ’me litsela li le mpe, li le lerōle, ba bile ba se na sepalangoang seo ba ka tsamaeang ka sona. Ba ile ba etsa qeto ea ho alima libaesekele tse tharo empa ba sitoa ho fumana tse boemong bo botle.

Eitse ha moholo e mong oa phutheho ea moo a hlokomela bothata boo ba leng ho bona, eaba o ba alima baesekele ea hae, e neng e ntse e tsamaea hantle le hoja e ne e se e le ea khale. O ile a ba hlalosetsa hore na nakong e fetileng eena le ba bang ba ile ba etsa joang hore ba khone ho ea kopanong. Moholo eo o ile a etsa tlhahiso ea hore ka boraro ba bona ba tsamaee ka baesekele eo. Leo e ne e le leqheka le bonolo, empa ho ne ho hlokahala hore ba je masapo a hlooho. Ba ne ba ka khona ho tsamaea ka baesekele e le ’ngoe joang ba le bararo?

Ho qoba mocheso oa letsatsi, bara bao babo rōna ba bacha ba bararo ba ile ba tsoha ka matjeke eaba ba laela thōtō ea bona baesekeleng. Oa pele o ile a fetela pele ka baesekele, eaba ba bang ba babeli ba mo sala morao ba potlakile. Ea palameng baesekele o ne a tsamaea sebaka sa limithara tse 500, ebe oa emisa ’me o tšetleha baesekele sefateng, e ntse e laetse thōtō. O ne a e-ba hlokolosi hore a behe baesekele moo ba bang ba tla e bona e le hore motho ea fetang ka tsela a se ke a inkela eona. Joale ea neng a palame baesekele pele o ne a qalella ho tsamaea ka maoto.

Ha ba bang ba babeli ba fihla moo a siileng baesekele teng, e mong o ne a e palama ha e mong a tsoela pele ho tsamaea ka maoto sebaka se seng se ka etsang limithara tse 500 ebe ka mor’a moo le eena oa e palama. Kahoo, kahobane ba ile ba ja masapo a hlooho le ka lebaka la hore ba ne ba e-na le sepheo, ka boraro ba bona baesekele eo e ile ea ba khaola maoto, ba tsamaea ka maoto sebaka sa lik’hilomithara tse 60 feela ho fapana le tse 90. Boiteko ba bona e ne e se ba lefeela. Ha ba fihla kopanong, ba ile ba kopana le bara le barali babo bona ba Bakreste ’me ba thabela mokete oa semetletsa oa lijo tsa moea. (Deut. 31:12) Na le uena u tla etsa sohle se matleng a hao hore u be teng kopanong ea setereke haeno selemong see?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela