Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 8/1 leq. 26
  • Re U Lome Tsebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re U Lome Tsebe?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšebeletso Tempeleng ea Phethoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Tšebeletso Tempeleng ea Phethoa
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Na re Hloka Thuto ea ho Epolloa ha Lintho Tsa Khale Hore re be le Tumelo?
    Tsoha!—2002
  • Jehova o Buisana le Batho le Mangeloi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 8/1 leq. 26

Re U Lome Tsebe?

Jesu o ne a bua puo efe?

Litsebi ha li lumellane ka hore na Jesu o ne a bua puo efe. Leha ho le joalo, ho bonahala eka ha Jesu a le lefatšeng o ne a bua Seheberu le Searame. Ha Jesu a fihla Nazaretha e Galilea, ’me a kena ka synagogeng, o ile a bala boprofeta ba Esaia, boo ho hlakileng hore bo ne bo ngotsoe ka Seheberu. Ha ho buuoe letho le bontšang hore Jesu o ile a fetolela boprofeta bona ka Searame.​—Luka 4:16-21.

Moprofesa G. Ernest Wright o buile tjena mabapi le lipuo tse neng li sebelisoa Palestina ha Jesu Kreste a le lefatšeng: “Kamoo ho bonahalang kateng lipuo tse neng li sebelisoa haholo ke Segerike le Searame . . . E ka ’na eaba masole le basebeletsi ba ’muso oa Roma ba ne ba buisana ka Selatine, empa e ka ’na eaba Bajuda ba khomaretseng neano ba ne ba buisana ka Seheberu.” Ke kahoo ho sa makatseng hore ebe Pilato o ile a beha letšoao le ngotsoeng ka lipuo tse tharo thupeng ea tlhokofatso—e leng Seheberu, Selatine le Segerike.​—Johanne 19:20.

Bukeng ea hae ea Discoveries From the Time of Jesus, Alan Millard o re: “Ha ho pelaelo hore babusi ba Roma ba ne ba bua Segerike ha ba phetha mesebetsi ea bona ea letsatsi le letsatsi, ’me e ka ’na eaba Jesu o ile a araba Pilato ka Segerike nyeoeng ea hae.” Le hoja Bibele e sa bue hore na ho bile joalo kapa che, ho thahasellisang ke hore ha ho moo ho boleloang hore ho ile ha sebelisoa toloko puisanong ena.​—Johanne 18:28-40.

Ho ea ka Moprofesa Wright, “ha ho na tsela e tiileng eo re ka tsebang ka eona hore na [Jesu] o ne a bua Segerike kapa Selatine, empa ha a ruta o ne a atisa ho bua Searame kapa Seheberu se tsoakiloeng le Searame.”​—Biblical Archaeology, 1962, leqepheng la 243.

Majoe a tempele ea Jerusalema a ne a le maholo hakae?

Ha barutuoa ba bua le Jesu ka tempele ea Jerusalema, ba ile ba re: “Mosuoe, bona! hore na ke majoe a mofuta ofe le mehaho ea mofuta ofe!” (Mareka 13:1) A mang a majoe ao a ne a le maholo hakae?

Nakong ea ha Jesu a le lefatšeng, Morena Heroda o ne a ekelitse Motheo oa Tempele hoo o neng o kopola oa mehleng ea Solomone habeli. E ne e le motheo o moholo ka ho fetisisa oa mehleng ea boholo-holo o entsoeng ke batho, o bolelele ba limithara tse 480 le bophara ba limithara tse 280. Ho tlalehoa hore majoe a mang ao o hahiloeng ka ’ona a ne a le bolelele ba limithara tse 11, a le bophara ba limithara tse 5 le bophahamo ba limithara tse 3. A mang a ’ona a ne a le boima ba lithane tse fetang 50. Le leng le ne le bile le le boima ba lithane tse ka bang 400 ’me ho ea ka setsebi se seng “ho ne ho se na le lekanang le lona kae kapa kae mehleng ea boholo-holo.”

Ka mor’a seo barutuoa ba hae ba se buileng, Jesu o ile a re: “Na [le] bona mehaho ee e meholo? Ho hang ha ho lejoe le tla tloheloa holim’a lejoe le leng mona ’me le se ke la heletsoa.” (Mareka 13:2) Bongata ba majoe ana a maholo a sa ntse a le moo a ileng a oela teng ka mor’a hore a qhebolloe ke masole a Roma ka 70 C.E.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Majoe a tempele a lahletsoeng ka thōko ho motheo oa tempele, Jerusalema

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela