Babali ba Batla ho Tseba
Na Lefatše le Tla Pholoha?
Ha ho koluoa le e ’ngoe e tla timetsa lefatše lena. Ke hobane’ng ha re kholiseha ka seo? Hobane Molimo o tšepisitse hore lefatše “le ke ke la sisinngoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kapa ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 104:5) Bibele e re le hoja “meloko e tla ’me meloko e feta, lefatše le hlola ka ho sa feleng.”—Moeklesia 1:4, New International Version.
Ho na le mantsoe a mabeli a Seheberu sa pele-pele a hlahang Pesalemeng ea 104:5, a hatisang hore lefatše le hlola ka ho sa feleng—e leng ʽoh·lamʹ e bolelang “nako e sa lekanyetsoang” le ʽadh e bolelang “ka ho sa feleng.” ʽOh·lamʹ e ka fetoleloa e le “lilemo tse ngata” kapa “ho ea ho ile.” Ho ea ka Students’ Hebrew and Chaldee Dictionary ea Harkavy, ʽadh e bolela “ho hlola nako e itseng, kamehla le mehla, ka ho sa eeng kae, ka ho sa feleng.” Mantsoe ana a mabeli a Seheberu a tiisa hore lefatše le hlola ka ho sa feleng. Hlokomela mabaka a mang a mararo a thehiloeng Bibeleng a hore re lumele hore lefatše le tla hlola ka ho sa feleng.
La pele, Molimo o etselitse lefatše hore le ahoe ke batho—e be paradeise e ntle ea thabo, ea lefatše lohle, eseng lesupi. Esaia 45:18 e re Jehova ke “’Mōpi oa maholimo, Eena Molimo oa ’nete, ’Mōpi oa lefatše le Moetsi oa lona, Eena Ea le tiisitseng ka thata, ea sa kang a le bōpela lefeela, ea le etselitseng hore le be le baahi.”
La bobeli, ke khale Molimo a tšepisitse hore batho ba ikhethelang ho mo mamela ba tla phela ka khotso le ka ho sa feleng lefatšeng lena. Mikea 4:4 e re: “Ka sebele e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele; kaha molomo oa Jehova oa mabotho o boletse.” Ka lebaka leo, ho ea ka morero oa Molimo, lefatše le tlameha ho hlola ka ho sa feleng e le lehae la moloko oa batho, ho seng joalo litšepiso tsa hae e ne e tla ba tsa lefeela.—Pesaleme ea 119:90; Esaia 55:11; 1 Johanne 2:17.
La boraro, Molimo o file batho boikarabelo ba ho hlokomela lefatše lena. Lentsoe la Molimo le re: “Ha e le maholimo, ke maholimo a Jehova, empa lefatše o le file bara ba batho.” (Pesaleme ea 115:16) Ak’u nahane feela, na ntate ea lerato a ka fa ngoana oa hae mpho e ntle ebe ka mor’a moo oa e senya? Ruri a ke ke a etsa joalo! Ka ho tšoanang, Jehova le eena a ke ke a etsa joalo ka lefatše le baahi ba lōna, hobane “Molimo ke lerato.”—1 Johanne 4:8.
Jesu Kreste o fane ka tiiso ena mabapi le lipolelo tsa Ntate oa hae: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Johanne 17:17) Hape, Molimo ea ke keng a bua leshano, o re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29; Tite 1:2.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]
Globe: Based on NASA photo