Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 12/1 leq. 8
  • Re U Lome Tsebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re U Lome Tsebe?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “’Metli oa Mapolanka”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lebaka Leo re Lokelang ho Sebetsa ka Lona
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Johanne o Kolobetsa Jesu
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Ho Tseba “Kelello ea Kreste”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 12/1 leq. 8

Re U Lome Tsebe?

Ebe ke mosebetsi oa mofuta ofe oo Jesu a neng a o etsa ha e le ’metli?

Josefa, e leng ntate ea hōlisitseng Jesu, e ne e le ’metli. Jesu o ile a ithuta mosebetsi oona oo. Ha a ne a qala tšebeletso ea hae “a ka ba lilemo li mashome a mararo,” batho ba ne ba sa mo nke feela e le “mora oa ’metli oa mapolanka” empa ba ne ba nka hore eena ka boeena ke ’metli oa mapolanka.​—Luka 3:23; Matheu 13:55; Mareka 6:3.

E lokela ebe motseng oa habo Jesu batho ba ne ba hloka lisebelisoa tsa masimong tse kang mehoma le lijoko, tseo hangata li neng li etsoa ka lehong. Tse ling tsa lintho tseo ’metli a neng a atisa ho li etsa e ne e le thepa ea ka tlung e kang litafole, litulo, liluloana le makese a behang liphahlo—hammoho le lintho tse kang mamati, lifensetere, liloko tsa lepolanka le maballo. Ha e le hantle, mosebetsi oa ’metli o ne o boetse o akarelletsa ho haha.

Papisong e ’ngoe, Johanne Mokolobetsi o ile a bua ka selepe, e leng sesebelisoa seo e tlamehang ebe Jesu le babetli ba bang ba ne ba se sebelisa ha ba rema lifate. Kahoo, ba ne ba ka ’na ba etsa mapolanka ka lifate tseo ba ntse ba le morung kapa ba li isa moo ba sebeletsang teng. Ha ho potang hore motho o ne a lokela ho ba matla haholo hore a etse mosebetsi ona. (Matheu 3:10) Ha Esaia a bolela lisebelisoa tse ling tsa babetli ba mehleng ea hae o re: “Ha e le ’metli oa lehong, o otlolotse khoele ea ho lekanya; o etsa moralo oa sona ka choko e khubelu; o se sebetsa ka phalo ea lehong; ’me o ntse a etsa moralo oa sona ka kofuto e etsang selika-likoe.” (Esaia 44:13) Lintho tseo baepolli ba lintho tsa khale ba li fumaneng li bontša hore mehleng eo ea boholo-holo ho ne ho sebelisoa lisakha tsa tšepe, lihamore tsa lejoe le lipekere tsa boronse. (Exoda 21:6; Esaia 10:15; Jeremia 10:4) Kahoo, e tlameha ebe Jesu le eena o ne a sebelisa lintho tsa mofuta oo.

“Bo-ralibanka” bao Jesu a buileng ka bona ho e ’ngoe ea lipapiso tsa hae e ne e le bo-mang, hona ba ne ba sebetsa joang?

Jesu o ile a bua ka monghali ea nyatsang lekhoba le leng le neng le sa etsa letho, a re: “U ne u tšoanela hore ebe u bolokile lichelete tsa ka tsa silevera ho bo-ralibanka, ’me ha ke fihla ke ne ke tla be ke amohela seo e leng sa ka le phaello.”​—Matheu 25:27.

Mehleng ea Jesu ho ne ho se na libanka tse khōlō tse teng kajeno. Leha ho le joalo, e ne e le khale batho ba alimanang ka chelete ba lefa phaello cheleteng e tsetetsoeng ho bona ’me ba lefisa batho ba alimang chelete tsoala e ngata. Ha The Anchor Bible Dictionary e bua ka Greece, e re lilemong tsa bo-300 B.C.E., ho ne ho tloaelehile hore batho ba alime lichelete ’me ba li khutlise li e-na le tsoala. Hape nakong ea khotso e neng e entsoe ke Baroma, ’Musong oohle oa Roma tsoala eo motho a neng a e lefa ka selemo bakeng sa mokitlane e ne e tsamaela pakeng tsa liphesente tse 4 le tse 6.

Molao oa Moshe o ne o thibela Baiseraele ho alima bahloki chelete ka phaello. (Exoda 22:25) Ho bonahala molao ona o ne o sebetsa haholo-holo ha ho alingoa mafutsana chelete. Leha ho le joalo, joalokaha papiso ea Jesu e bontša, ho ne ho tloaelehile hore batho ba fumane phaello cheleteng eo ba e tsetetseng ho batho ba alimanang ka chelete kapa “bo-ralibanka.” Kahoo, joalokaha e ne e le tloaelo ea hae, Jesu o ile a etsa papiso ka ntho eo bamameli ba hae ba neng ba e tloaetse.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela