Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 1/1 maq. 30-31
  • Ananela Lintho Tse Halalelang!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ananela Lintho Tse Halalelang!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Timetso ea Sodoma le Gomora
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Jesu o Phekola Batho ka Mohlolo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Jesu o Siea Bamameli ba Hae ba Hloletsoe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Moshe o Fuoa Kabelo e Khethehileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 1/1 maq. 30-31

Tsa Bacha

Ananela Lintho Tse Halalelang!

Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u boemong boo. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuang ka bona. Phelisa seo u se balang.

Batho ba ka sehloohong tlalehong ena: Isaka, Rebeka, Jakobo le Esau

Kakaretso: Esau o rekisetsa Jakobo, e leng lefahla la hae, tokelo ea hae ea tsoalo.

1 NAHANISISA KA KETSAHALO ENA.—BALA GENESE 25:20-34.

Ke litšobotsi life tseo Jakobo le Esau ba ileng ba li bontša esita le pele ba hlaha?

․․․․․

U nahana hore Jakobo le Esau ba ne ba shebahala joang ha e sa le bahlankana?

․․․․․

Ha u bala temana ea 30 ho ea ho ea 33, u utloa eka maikutlo a ne a le joang ha Jakobo a buisana le Esau?

․․․․․

AK’U JE MASAPO A HLOOHO.

U sebelisa mokhoa leha e le ofe oo u nang le oona oa ho etsa lipatlisiso, fumana ho itseng mabapi le tokelo ea ho ba mora oa letsibolo. Ke hobane’ng ha tokelo eo e ne e le ea bohlokoa? Ho ne ho bolela’ng ho rekisa tokelo eo ka sekotlolo sa sechu?

․․․․․

2 NAHANISISA KA KETSAHALO ENA.—BALA GENESE 27:1-10, 30-38.

Esau o utloahala eka o ne a ikutloa joang ha a lemoha hore Jakobo o fumane tlhohonolofatso e fuoang mora oa letsibolo?

․․․․․

․․․․․

AK’U JE MASAPO A HLOOHO.

Na e ne e le phoso hore Rebeka le Jakobo ba etse malebaleba a hore Jakobo e be eena ea hlohonolofatsoang? Ke hobane’ng ha u cho joalo? (Ntlha e thusang: Sheba Genese 25:23, 33.)

․․․․․

3 SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .

Liphello tsa ho batla ho ikhotsofatsa hang-hang.

․․․․․

LINTHO TSE LING TSEO U KA ITHUTANG TSONA.

Ke lintho life tse halalelang tseo u fuoeng boikarabelo ba ho li hlokomela?

․․․․․

U ka bontša ka litsela life tse khethehileng hore u nka lintho tse halalelang e le tsa bohlokoa?

․․․․․

4 U ITHUTILE ENG EA BOHLOKOA TLALEHONG EE, HONA HOBANE’NG?

․․․․․

Haeba u se na Bibele, e kōpe ho Lipaki Tsa Jehova kapa u bale lingoliloeng tse ling tsa Bibele inthaneteng ho www.watchtower.org

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela