Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 7/1 maq. 30-31
  • Kamoo U ka Hlōlang Liteko

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Hlōlang Liteko
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Qosoa ka Bohata!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Timetso ea Sodoma le Gomora
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Jesu o Hanyetsa Teko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Jesu o Siea Bamameli ba Hae ba Hloletsoe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 7/1 maq. 30-31

Tsa Bacha

Kamoo U ka Hlōlang Liteko

JOSEFA—KAROLO EA 1

Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u boemong boo. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuoang ka bona. Phelisa seo u se balang.

Batho ba ka sehloohong tlalehong ena: Josefa, mosali oa Potifaro

Kakaretso: Josefa o hlōla teko ea ho kopanela liphate le mosali oa Potifaro.

1 NAHANISISA KA KETSAHALO ENA.—BALA GENESE 39:1-12.

Hlalosa hore na u nahana hore ntlo ea Potifaro e ne e le majabajaba hakae.

․․․․․

U nahana hore Josefa o ne a shebahala joang? (Ntlha e thusang: Bala temana ea 6 hape.)

․․․․․

U utloa eka Josefa o ne a ikutloa joang ha a bua le mosali oa Potifaro temaneng ea 8 le 9?

․․․․․

2 AK’U JE MASAPO A HLOOHO.

Ke eng e neng e ka etsa hore Josefa a be tekong ea ho oela boitšoarong bo bobe? (Ntlha e thusang: Bala Bafilipi 2:12, ebe u nahana ka maemo ao Josefa a neng a le ho ’ona. Ka mohlala, nakong eo lelapa labo Josefa le ne le le hokae hammoho le barapeli ba bang ba Jehova?)

․․․․․

Ke hobane’ng ha u nahana hore Josefa o ne a nka hore ho etsa bofebe ke ho siteloa Molimo, empa ka nako eo ho ne ho se na molao oa Molimo o hanelang bofebe? (Ntlha e thusang: Bala mangolo a latelang u be u nahanisise ka ’ona: Genese 2:24; 12:17, 18; Baroma 2:14, 15; le Baheberu 5:14.)

․․․․․

3 SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .

Hore na boitšoaro le boitlhompho li amana joang.

․․․․․

Melemo e fumanoang ke ba mamelang melao ea Molimo ea boitšoaro.

․․․․․

Bohlokoa ba ho koetlisa ‘matla a ho lemoha.’ (Baheberu 5:14)

․․․․․

LINTHO TSE LING TSEO U KA ITHUTANG TSONA.

Ke maemong afe bophelong moo u ka etsang qeto e tiileng tabeng ea ho hlōla teko ea ho kopanela liphate? (Ntlha e thusang: Bala mangolo ana u be u nahanisise ka ’ona: Jobo 31:1; Pesaleme ea 119:37; Baefese 5:3, 4.)

․․․․․

4 U ITHUTILE ENG EA BOHLOKOA TLALEHONG EE, HONA HOBANE’NG?

․․․․․

Haeba u se na Bibele, e kōpe ho Lipaki Tsa Jehova kapa u bale lingoliloeng tse ling tsa Bibele inthaneteng ho www.watchtower.org

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela