Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 8/1 maq. 14-15
  • Lebaka Leo Dorkase a Neng a Ratoa ka Lona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo Dorkase a Neng a Ratoa ka Lona
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Ile ka Sireletseha Hobane ke Tšepile Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Bakreste Baa Hlokana
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Joppo—Kou ea Likepe ea Boholo-holo e Hlokomelehang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Sebelisa Nako ea Bosoha ka Tsela e Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 8/1 maq. 14-15

Ruta Bana ba Hao

Lebaka Leo Dorkase a Neng a Ratoa ka Lona

KAOFELA re batla hore batho ba re rate. Na le uena u ikutloa ka tsela eo?—a Bibele ha e bua ka Dorkase, e re e ne e le mosali ea neng a ratoa haholo ke batho.

Dorkase o ne a lula Jopa, motse o haufi le Leoatle la Mediterranean. Jerusalema e ne e le bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 56 feela ho tloha Jopa. Dorkase e ne e le e mong oa barutuoa ba pele ba Jesu.

U nahana hore ke hobane’ng ha Dorkase a ne a ratoa hakaale?— Bibele e re o ne a etsa liketso tse ngata tse molemo a bile a fana ka limpho tse ntle. Kamoo ho bonahalang kateng, o ne a etsetsa bahlolohali ba bangata liaparo, ke hore, bo-’mè ba neng ba hlokahaletsoe ke banna. Hape o ne a bolella batho ba bangata ka Molimo oa ’nete, Jehova, feela joalokaha Jesu a ne a ile a etsa.

Joale na ua tseba hore na Dorkase o ile a hlaheloa ke ntho efe e mpe?— O ile a kula haholo eaba oa hlokahala. Metsoalle ea hae e ile ea utloa bohloko. Ka hona, e ile ea roma batho ba itseng ho ea moo moapostola Petrose a neng a lula teng, hoo e ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 16. Batho bao ba ile ba mo kōpa hore a tle ka potlako. Ha Petrose a fihla, o ile a nyolohela mokatong o ka holimo moo Dorkase a neng a le hona teng. Bo-’mè kaofela ba ne ba lla eaba ba bontša Petrose liaparo tseo Dorkase a neng a ba etselitse tsona.

Joale Petrose o ile a ba kōpa hore kaofela ba tsoe. Petrose hammoho le baapostola ba bang ba ne ba kile ba etsa mehlolo, empa ho ne ho e-s’o be le ea mong ho bona ea kileng a tsosa mofu. U nahana hore joale Petrose o ne a tla etsa eng?—

Petrose o ile a khumama pel’a setopo eaba o qala ho rapela Jehova. Ha a qeta a re Dorkase a tsohe. Eaba Dorkase oa tsoha! Petrose o ile a mo tšoara ka letsoho ho mo thusa hore a phahame. Ka mor’a moo o ile a bitsa bahlolohali le batho ba bang eaba o ba bontša eena. U nahana hore ba ile ba thaba hakae?—

A re ke re bone hore na u ka ithuta eng paleng ena ea ho tsosoa ha Dorkase. Ntho e ’ngoe eo u ka ithutang eona ke hore haeba u thusa batho ba bang, bongata ba bona ba tla u rata. Empa ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore Molimo a ke ke a u lebala ’me o tla lula a u rata. A ke ke a lebala lintho tse molemo tseo u li etselitseng batho ba bang. Hape o tla u putsa ka bophelo bo thabisang le bo sa feleng lefatšeng la hae le lecha la ho loka.

Bibeleng ea Hao Bala

  • Liketso 9:36-43

  • Tšenolo 21:3-

a Ha u bala sehlooho sena le ngoana, motoa o u hopotsa hore u etse khefu ’me u khothalletse ngoana hore a ntše maikutlo a hae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela