Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w12 1/1 maq. 30-31
  • Itebele Khahlanong le Meea e Khopo!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Itebele Khahlanong le Meea e Khopo!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Timetso ea Sodoma le Gomora
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Jesu o Phekola Batho ka Mohlolo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Jesu o Hanyetsa Teko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Jesu o Siea Bamameli ba Hae ba Hloletsoe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
w12 1/1 maq. 30-31

Tsa Bacha

Itebele Khahlanong le Meea e Khopo!

Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u boemong boo. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuoang ka bona. Phelisa seo u se balang.

1 NAHANISISA KA LIKETSAHALO TSENA.—BALA GENESE 6:1-6 LE LIKETSO 19:11-20.

Ha u nahana, Banefilime ba ne ba shebahala joang?

․․․․․

U nahana hore banna bao ba ile ba ikutloa joang ka mor’a hore ba hlaseloe ke moea o khopo, joalokaha ho hlalositsoe ho Liketso 19:13-16?

․․․․․

2 AK’U JE MASAPO A HLOOHO.

U sebelisa mokhoa le ha e le ofe oa ho etsa lipatlisiso, batla ho eketsehileng ka Banefilime. U nahana hore ke hobane’ng ha ba ne ba le mabifi hakaalo?

․․․․․

Ke hobane’ng ha ho ka thoe meea e khopo e ile ea ‘furalla sebaka sa eona sa bolulo se loketseng?’ (Bala Juda 6.) U nahana hore ke hobane’ng ha e ne e se hoa tlhaho ebile e le ho litšila hore ba ipatlele basali ba batho?

․․․․․

Litlaleho tsee tse peli li u bolella’ng ka meea e khopo mabapi le ho hlanyetsa ha eona likamano tsa botona le botšehali le pefo?

․․․․․

3 SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .

Hore meea e khopo e sehlōhō ebile e na le boithati.

․․․․․

LINTHO TSE LING TSEO U KA ITHUTANG TSONA.

Kaha meea e khopo ha e sa khona ho iphetola batho, e ka leka ho u susumetsa ka litsela life?

․․․․․

Ke boithabiso ba mefuta efe kajeno bo bonahatsang mekhoa le lintho tse ratoang ke meea e khopo?

․․․․․

Ke joang u ka bontšang hore u ikemiselitse ho hanyetsa tšusumetso ea meea e khopo? (Bala Liketso 19:18, 19 hape.)

․․․․․

4 KE LINTHO LIFE LITLALEHONG TSEE TSEO U ILENG UA LI THAHASELLA HAHOLO, HONA HOBANE’NG?

․․․․․

Haeba u se na Bibele, e kōpe ho Lipaki Tsa Jehova kapa u bale lingoliloeng tse ling tsa Bibele inthaneteng ho www.watchtower.org

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela