Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 6/1 maq. 14-15
  • Re ka Ithuta’ng ho Senokoane?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re ka Ithuta’ng ho Senokoane?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “U Tla ba le ’Na Paradeiseng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Ke Bo-mang ba Tla Tsosoa Bafung? Ba Tla Phela Hokae?
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • “Re Tla Kopana Paradeiseng!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Paradeise eo Bibele e Buang ka Eona e Hokae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 6/1 maq. 14-15

RUTA BANA BA HAO

Re ka Ithuta’ng ho Senokoane?

Re ka ithuta ho hong ho senokoane sena seo u bonang Jesu a bua le sona setšoantšong sena. Senokoane sena se soabetse liphoso tsa sona. Se re ho Jesu: “U nkhopole ha u kena ’musong oa hao.” Joalokaha u bona mona setšoantšong, Jesu o ntse a bua le senokoane seo. Na ua tseba hore na Jesu o ntse a re’ng ho sona?—a Jesu o se tšepisa hore: “Kannete kea u bolella kajeno, u tla ba le ’na Paradeiseng.”

U nahana hore Paradeise eo e tla ba joang?— E le hore re fumane karabo e nepahetseng, a re bue ka Paradeise eo Molimo a neng a e etselitse monna le mosali oa pele, e leng Adama le Eva. Paradeise eo e ne e le hokae? Na e ne e le leholimong kapa e ne e le lefatšeng?—

U nepile ha u re e ne e le lefatšeng. Kahoo ha re nahana ka hore senokoane se tla phela “Paradeiseng,” re lokela ho nahana ka sona se phela lefatšeng ha e se e le paradeise. Paradeise eo e tla ba joang?— A re bone.

Ka mor’a hore Jehova Molimo a bōpe batho ba babeli ba pele, Adama le Eva, Bibele e re o ile a ba beha paradeiseng mona lefatšeng. E ne e bitsoa ‘serapa sa Edene.’ Na u ka inahanela kamoo e tlamehang ebe ‘serapa sa Edene’ se ne se le setle kateng?— Ka sebele e ne e le sebaka se setle ho feta leha e le sefe seo motho a kileng a se bona!

U nahana’ng ka see? Na Jesu o tla be a le lefatšeng moo le senokoane se ileng sa soabela libe tsa sona?— Che, Jesu o tla be a le leholimong e le Morena a busa lefatšeng la Paradeise. Kahoo Jesu o tla be a e-na le senokoane ka kutloisiso ea hore o tla se tsosa bafung ’me a etse bonnete ba hore sea hlokomeloa lefatšeng la Paradeise. Empa ke hobane’ng ha Jesu a tla lumella monna eo e neng e le senokoane hore a phele Paradeiseng?— A re bue ka taba ena.

Ke ’nete hore senokoane sena se ile sa etsa lintho tse mpe haholo. Empa le batho ba libilione ba phetseng lefatšeng ba entse lintho tse mpe. Leha ho le joalo, boholo ba bona bo entse lintho tseo tse mpe hobane ba ne ba sa rutoa ka Jehova le hore na thato ea hae ke efe.

Kahoo batho ba kang bao, ho akarelletsa senokoane seo Jesu a buileng le sona ha a le thupeng, ba tla tsosetsoa Paradeiseng mona lefatšeng. Ba tla rutoa thato ea Molimo. Joale ba ka bontša hore ba rata Jehova.

Na ua tseba hore na ba ka bontša seo joang?— Ka ho etsa seo Molimo a batlang hore ba se etse. Ka nako eo ho tla ba hotle hakaakang ha batho ba se ba phela Paradeiseng ba rata Jehova ba bile ba ratana!

Bibeleng ea Hao Bala

  • Luka 23:32-43

  • Genese 2:7-9

  • Tšenolo 21:3-5

a Ha u bala sehlooho sena le ngoana, motoa o u hopotsa hore u etse khefu, ’me u khothalletse ngoana hore a ntše maikutlo a hae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela