Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w14 7/1 leq. 16
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Atamela Haufi le Molimo ka Thapelo
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Mpho eo Jehova a re Fileng Eona
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Thapelo e ka U Thusa ho ba Motsoalle oa Molimo
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Atamela ho Molimo ka Thapelo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
w14 7/1 leq. 16
Ntate-moholo oa rapela

LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA

Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela?

Jehova Molimo o batla hore re ikutloe re lokolohile hore re ka bua le eena nako e ’ngoe le e ’ngoe ka lintho tse re tšoenyang. (Luka 18:1-7) Oa re mamela hobane oa re thahasella. Kaha ka mosa Ntate oa rōna oa leholimo o re mema hore re rapele, ke hobane’ng ha re lokela ho amohela memo ea hae?—Bala Bafilipi 4:6.

Thapelo hase feela tsela ea ho kōpa thuso. Empa e re thusa hore re atamele haufi le Molimo. (Pesaleme ea 8:3, 4) Ha re tšollela lipelo tsa rōna ho Molimo kamehla, re theha setsoalle se tiileng le eena.—Bala Jakobo 4:8.

Re lokela ho rapela joang?

Ha re rapela, Molimo ha a batle hore re sebelise mantsoe a mponeng kapa re pheta-phete lithapelo tse ka hloohong. Hape ha rea lokela ho ema ka tsela e itseng feela. Jehova o re mema hore re mo rapele ho tsoa pelong. (Matheu 6:7) Ka mohlala, Iseraeleng ea boholo-holo, Anna o ile a rapella mathata a lelapa la hae a neng a mo imetse. Hamorao, ha mesarelo e fetoha thabo, o ile a leboha Molimo ka thapelo e tsoang botebong ba pelo.—Bala 1 Samuele 1:10, 12, 13, 26, 27; 2:1.

Re na le tokelo e babatsehang hakaakang! Re ka bolella ’Mōpi mathata a rōna. Hape re ka mo rorisa ra ba ra mo leboha ka lintho tseo a re etselitseng tsona. Ha ho tika-tiko hore ha rea lokela ho hlokomoloha tokelo ena e babatsehang.—Bala Pesaleme ea 145:14-16.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 17 bukeng ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova

U ka boela ua e fumana ho www.jw.org/st

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela