LIPOTSO TSE TSOANG HO BABALI
Na mantsoe a Davida a ho Pesaleme ea 37:25 le a Jesu a ho Matheu 6:33 a bolela hore le ka mohla Jehova a ke ke a tlohella Mokreste hore a hloke lijo?
Davida o ile a ngola a re: “Ha ke e-s’o bone mang kapa mang ea lokileng a tloheloa ka ho feletseng, kapa bana ba hae ba batla bohobe.” O buile mantsoe ao a akaretsang a itšetlehile ka seo a se tsebang. O ne a tseba hore Molimo o lula a hlokomela batho ba hae. (Pes. 37:25) Leha ho le joalo, mantsoe a Davida ha a bolele hore ha ho morapeli oa Molimo ea kileng a ba bohloking kapa hore ha a sa tla ba teng.
Ka linako tse ling Davida le eena o ile a tobana le mathata. Lekhetlo le leng ke ha a ne a baleha Saule. Davida o ne a se na lijo, eaba o kōpa bohobe boo a tla bo ja le batho ba nang le eena. (1 Sam. 21:1-6) Kahoo boemong bona, Davida o ne a hloka bohobe. Empa le boemong boo bo thata, Davida o ne a tseba hore Jehova a ke ke a mo lahla. Ha ho moo re kileng ra bala hore Davida o ile a tlameha ho iketsa mokōpa-kōpa hore a fumane lijo.
Ho Matheu 6:33, Jesu o re tiiselitse hore Molimo o tla khotsofatsa litlhoko tsa bahlanka ba hae ba batlang ’Muso pele. Jesu o ile a re: “Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle [tse akarelletsang lijo, lino le liaparo] le tla li ekeletsoa.” Empa Jesu o ile a boela a bontša hore barab’abo ba ka ’na ba tobana le tlala ka lebaka la mahloriso. (Mat. 25:35, 37, 40) Sena ke sona se ileng sa etsahalla moapostola Pauluse. Ka linako tse ling o ne a lapa a bile a nyoroa.—2 Bakor. 11:27.
Jehova o re bolella hore re tla hlorisoa ka litsela tse sa tšoaneng. A ka ’na a re lumella hore re be bohloking, e le hore a arabe qoso e tsoang ho Diabolose. (Jobo 2:3-5) Ka mohlala, Bakreste-’moho le rōna ba bang, ba kang ba ileng ba koalloa likampong tsa mahloriso tsa Manazi, ba ile ba hlokofatsoa. Leqheka le leng leo Manazi a neng a le sebelisa ho etsa hore Lipaki li lahle botšepehi, ke ho li tima lijo. Lipaki tse tšepahalang li ile tsa mamela Jehova ’me ha aa ka a li lahla. O ile a li lumella hore li tobane le teko ena, feela joalokaha a lumella Bakreste bohle ho feta litekong tse sa tšoaneng. Empa ha ho pelaelo hore Jehova o tšehetsa bohle ba hlokofatsoang ka lebaka la lebitso la hae. (1 Bakor. 10:13) Re lokela ho lula re hopola mantsoe a Bafilipi 1:29 a reng: “Le ile la fuoa tokelo ka lebaka la Kreste, eseng feela hore le behe tumelo ea lōna ho eena, empa hape le ho utloa bohloko ka lebaka la hae.”
Jehova o tšepisa hore o tla hlokomela bahlanka ba hae. Ka mohlala, Esaia 54:17 e re: “Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha.” Tšepiso ena le tse ling tse tšoanang le eona li re tiisetsa hore Molimo o tla sireletsa batho ba hae e le sehlopha. Empa Bakreste ka bomong ba ka ’na ba tobana le liteko, esita le ho isa bohōleng ba lefu.