Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w16 August leq. 30
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molao Pele ho Kreste
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Hantle-Ntle Ke Eng e Silafatsang Motho?
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ke Eng e Silafatsang Motho?
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Ke Eng e Silafatsang Motho?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
w16 August leq. 30
Mofarisi o hlapa matsoho ka tsela ea neano ’me o sheba hampe motho ea seng a ntse a ja

Lipotso Tse Tsoang Ho Babali

Ke hobane’ng ha taba ea ho hlapa matsoho e ne e le bothata ho lira tsa Jesu?

Ena ke e ’ngoe ea lintho tseo lira tsa Jesu li neng li mo qosa ka eona le barutuoa ba hae. Molao oa Moshe o ne o e-na le litaelo tse ’maloa tse tobileng tsa hore na motho o lokela ho itlhoekisa joang haeba a e-na le mohlapo, a tšoeroe ke lepera, kapa a thetsitse setopo. O ne o boetse o bolela hore na motho o lokela ho etsa’ng ho itlhoekisa. O ne a ka etsa sena ka hore a nyehele sehlabelo, a itlhatsoe kapa a fafatse.—Lev., khao. 11-15; Num., khao. 19.

Bo-rabi ba Bajuda ba ile ba ikenyetsa melao e meng. Buka e ’ngoe e re ba ne ba batlisisa “hore na ho tlile joang hore motho a be litšila, a ka li fetisetsa ho ba bang joang, hore na ke lijana life tseo a ka li silafatsang le hore na ke lineano life tseo a lokelang ho li latela e le hore a itlhoekise.”

Bahanyetsi ba Jesu ba ile ba mo botsa ba re: “Ke hobane’ng ha barutuoa ba hao ba sa itšoare ho latela neano ea banna ba linakong tsa pele, empa ba ja lijo tsa bona ka matsoho a silafetseng?” (Mar. 7:5) Ba ne ba sa bue ka taba ea ho hlapa matsoho pele motho a ja. Ba ne ba e-na le neano ea hore pele ba ja, ba lokela ho tšelloa metsi matsohong hore ba hlape. Buka e qotsitsoeng ka holimo e re: “Ba ne ba boetse ba phehisana khang ka hore na ke linkho life tse lokelang ho sebelisoa, ke metsi a mofuta ofe a loketseng, ke mang ea lokelang ho a tšela le hore na matsoho a hlapuoe ho fihla hokae.”

Jesu o ile a bontša ka ho hlaka hore na o ikutloa joang ka lineano tsena. O ile a re ho baeta-pele bao ba bolumeli ba Bajuda: “Esaia o ile a profeta ka ho loketseng ka lōna baikaketsi, joalokaha ho ngoliloe, ‘Sechaba sena se ntlhompha ka melomo, empa lipelo tsa sona li suthetse hōle le [Jehova]. Ke ha lefeela hore ebe se ntse se nthapela, hobane se ruta litaelo tsa batho e le lithuto.’ Ha le tlohela taelo ea Molimo, le khomarela neano ea batho.”—Mar. 7:6-8.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela