Tse Ka Hare
BEKE EA LA 29 MAY, 2017–4 JUNE, 2017
3 “U Phethe Boitlamo Boo u bo Etsang”
U entse boitlamo ho Jehova ka lintho tse kae? E le ’ngoe, tse peli kapa tse ngata? Na u bona eka u etsa sohle se matleng a hao hore u li phethe? Ho thoe’ng ka boitlamo ba ho inehela kapa boitlamo ba lenyalo? Sehlooho sena se re hopotsa mehlala e metle eo Jafeta le Anna ba re behetseng eona ha re ntse re leka ka matla ho phetha boitlamo ba rona ka botšepehi ho Molimo.
BEKE EA LA 5-11 JUNE, 2017
9 Ke Lintho Life Tseo ’Muso oa Molimo o Tla li Felisa?
Hangata re nahana ka seo Jehova a tla re etsetsa sona Paradeiseng, empa sehloohong sena re tla bua ka hore na o tla felisa’ng. Ke’ng eo Jehova a tla e tlosa e le hore lefatšeng ho be le thabo le khotso? Ha re ntse re nahana ka likarabo, tumelo ea rona e tla matlafala ’me re tla ikemisetsa ho mamella.
14 Pale ea Bophelo—O ne a Ikemiselitse ho ba Lesole la Kreste
BEKE EA LA 12-18 JUNE, 2017
18 Kamehla “Moahloli oa Lefatše Lohle” o Etsa se Nepahetseng
BEKE EA LA 19-25 JUNE, 2017
23 Na U Etsisa Jehova ka Hore U Sebetse Lintho ka Toka?
Ha re kholisehile hore re tšoeroe ka leeme, sena se ka leka tumelo, botšepehi le boikokobetso ba rona. Lihlooho tsena li bua ka litlaleho tse tharo tsa Bibele tse tla re thusa ho sebetsa lintho ka toka joaloka Jehova.
BEKE EA LA 26 JUNE, 2017–2 JULY, 2017
28 Ithaopele ho Rorisa Jehova!
Jehova ha a hloke letho. Leha ho le joalo oa thaba ha a bona hore re batla ho tšehetsa bobusi ba hae. Baahloli khaolo ea 4 le ea 5 li bontša kamoo Jehova a ananelang kateng ha re ithaopela ho mo mamela le ho mo sebeletsa.