Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/90 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
km 8/90 leq. 7

Litsebiso

● Mpho ea buka ka August: Bukana leha e le efe e lekanang le makasine e maqephe a 32, ntle ho bukana ea Sekolo, ka monehelo oa 75c. September: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R7,50. Libuka tse nyenyane ke R3,75. October: Peeletso ea Tsoha! ka monehelo oa R6,00 kapa Molula-Qhooa ka monehelo oa R12,00 kapa bobeli ba tsona ka R18,00. November: Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang le Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? kapa “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha” ka monehelo oa R4,50.

● Almanaka ea Lipaki tsa Jehova ea 1991 e tla buella mesebetsi ea rōna ea tšebeletso linaheng tse tšeletseng hammoho le litšoantšo tse ’maloa tse ntle tsa mebala tsa makala, Liholo tsa ’Muso, le lipono tsa ho paka ka ’Muso. Liphutheho li lokela ho qalisa ho odora Almanaka ea 1991 hammoho le odoro ea tsona ea libuka ea September. Lialmanaka li tla fumaneha ka Seafrikaanse, Sechaena, Senyesemane, Sefora, Sejeremane, Segerike, Setaliana, Sepotoketsi, Sesotho, Sexhosa, le Sezulu. Lialmanaka ke lintho tsa setoko se laoloang ’me li tla lefisoa molatong oa libuka ka R2,60 e le ’ngoe, e leng theko ea bahoeletsi, bo-pula-maliboho, le batho bohle. Le se ke la romella chelete le odoro ntle le haeba molato oa lōna o se boemong bo botle le Mokhatlo. Haeba o se boemong bo botle le tlameha ho romella chelete le odoro ea lōna. Ho fihlela lialmanaka li fumaneha ’me lithomello li entsoe, li tla hlaha ho li-invoice li ngotsoe “Li tla Romeloa.”

● Ho qala ka beke ea September 24, 1990, ho tla ithutoa buka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? Thutong ea Buka ea Phutheho.

● Phutheho ka ’ngoe e tla fumana liforomo tse tharo tsa Leqephe la ho Tlatsa Manane a Libuka ’me e lokela ho bala libuka tsa phutuho. Ka kōpo tlatsang liforomo ka botlalo, ’me le romelle kopi e ka holimo (original) ho rōna eseng ka mor’a September 6, 1990. Bolokang kopi ea k’habone lifaeleng tsa lōna. Re le romella kopi ea boraro hore le itšebelisetse eona.

● Bahoeletsi bohle ba lokela ho nchafatsa lipeeletso tsa bona tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka phutheho. Hape ho tla ba molemo haholo haeba bahoeletsi ba ka odora libuka tsa bona tsa botho le lintho tse ling ka phutheho ho e-na le ho romella liodoro tsa motho ka mong lekaleng.

● Likomiti tsa Tšebeletso li hopotsoa hore li lebise tlhokomelo e potlakileng likōpong tsa tšebeletso ea bopula-maliboho ba ka mehla le ho li romella ho Mokhatlo nako e sa le teng. Hona ho tla nolofalletsa Mokhatlo ho lokisetsa likhetho tseo le ho li romella ho liphutheho pele ba entseng likōpo ba qalisa ho sebeletsa.

● Liforomo tsa ho odora “Medical Documents” le “Identity Cards” li rometsoe liphuthehong tsohle. Theko ea tsona ke 5c ka ’ngoe. Likarete tsena ha lia lokela ho fanoa hang-hang ha li amoheloa empa li lokela ho bolokoa ho fihlela taelo e ’ngoe e fanoa ea ho li abela baena mathoasong a selemo sa almanaka.

● Kaha re na le liphetoho tse ngata lipotolohong tse tla qala ho sebetsa ho tloha ka September 1, 1990, ka kōpo hlokomelang liphetoho tse latelang mabapi le likabelo tsa lōna tsa kopano ea setereke:

December 13-16: Bloemfontein, Lipotoloho 41, 53A & B, 21A & B, 39B (Boroa/Bochabela), 52.

Lebowa-Kgomo, Lipotoloho 17 (karolo ea Sepedi), 19, 46.

Johannesburg, Lipotoloho 1, 2, 7A, 11, 12, 13, 22 (Bophirimela), 49, 53B (Carletonville feela).

December 28-31: Pretoria, Lipotoloho 3, 7B, 15, 16, 40, 50.

● Lik’hasete tse Ncha tse Hatisitsoeng tse Fumanehang:

Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele (sete ea lik’hasete tse hlano ka har’a albamo; phutheho le batho bohle: R30,00; bo-pula-maliboho: R23,00)—Sezulu

● Tse Leng Sieo Afrika Boroa:

“All Scripture Is Inspired of God and Beneficial”—Senyesemane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela