Litsebiso
● Mpho ea buka ka September: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R7,50. Libuka tse nyenyane ke R3,75. October: Peeletso ea Tsoha! ka monehelo oa R6,00 kapa Molula-Qhooa ka monehelo oa R12,00 kapa bobeli ba tsona ka monehelo oa R18,00. November: Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang le Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? kapa “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha” ka monehelo oa R4,50. December: Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ka monehelo oa R7,50.
● KA KŌPO HLOKOMELANG: Matsatsi a nepahetseng a kopano ea setereke Johannesburg ke December 20-23, 1990.
● Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba lichelete tsa phutheho ka September 1 kapa kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a moo.
● Ke habohlokoa hore baena ba lokisetsang maeto a batho ba bangata kapa ho hira libese ha ba etela Bethele ba ngollane le Ofisi ea Bethele pele. Ka kōpo fanang ka boitsebiso ba lenane la ba tlang le matsatsi. Mangolo a ngolletsoeng Bethele a lokela ho ngoloa ka aterese ea Watch Tower, Bethel Office, Private Bag 2067, Krugersdorp, 1740. Ka baka la lenane le leholo la maeto a ba tlang Bethele, joale ho hlokahala hore ho tsitsisoe linako tsa maeto. Linako tsena e tla ba tse latelang: 9:00 a.m., 10:15 a.m., 11:00 a.m., 2:00 p.m., le 3:00 p.m. har’a beke. Ka Meqebelo ho tla ba le maeto hoseng feela ka 9:00 a.m. le 10:15 a.m.
● Ka Moqebelo, October 13, 1990, lehae la Bethele le fektheri li tla koaloa ka baka la ho hloekisa, kahoo ho ke ke ha e-ba le tokisetso ea maeto.
● Lekhetlong le latelang la liketelo ho qala ka September 1990, molebeli oa potoloho o tla qeta nako e itseng le mongoli oa phutheho le mohlanka oa lichelete ho hlahloba mekhoa ea ho tšoara lichelete. Thuso ena ea botho ea molebeli oa potoloho e tla thusa ho tiisa hore lichelete tsa phutheho li tšoaroa ka nepo ho latela litaelo tsa Mokhatlo tsa ho hlokomeloa ha litlaleho tsa phutheho.
● Likhatiso tse Ncha tse Fumanehang:
Insight on the Scriptures, Moqolo 1 (phutheho le batho bohle: R18,25; bo-pula-maliboho: R15,50)—Setaliana
Watch Tower Publications Index 1986-1989 (phutheho le batho bohle: R4,00; bo-pula-maliboho: R2,50)—Senyesemane
● Lik’hasete tse Ncha tse Hatisitsoeng tse Fumanehang:
Albamo ea Mangolo a Seheberu—Moqolo 3, Proverbs ho ea ho Malachi (sete ea lik’hasete tse 18 ka har’a albamo; phutheho le batho bohle: R90,00; bo-pula-maliboho: R64,00)—Senyesemane