Litaba Tsa Puso ea Molimo
◆ Likopanong tsa Setereke tsa “Puo e Hloekileng” tse 20 tse neng li tšoaretsoe Afrika Boroa, Botswana, Lesotho, Maputo, Namibia, Swaziland, le St. Helena re bile le tlhōrō ea ba 128 427 ba bileng teng. Hona e bile lenane la ba 12 032 ho feta selemong se fetileng. Ho bile le ba 2835 ba kolobelitsoeng, e leng keketseho ea ba 510 holim’a selemo se fetileng.
◆ Ho ile ha phethoa Liholo tsa ’Muso tse ncha tse 18 ka 1990. Re leboha Jehova ka tlhohonolofatso ea hae le baithaopi bohle ka tšehetso ea bona. Ho ntse ho e-na le tlhokahalo e potlakileng likarolong tse ngata tsa tšimo moo baena ba rōna ba kopanelang tlas’a maemo a sa khotsofatseng. Tlhokahalo ee e tla finyelloa joang ka 1991? Ka hore Likomiti tsa Kaho tsa Phutheho li nke khato ka potlako; ka tataiso e hlokolosi e tsoang Likomiting tsa Kaho tsa Lebatooa tse 22; ka tšehetso e matla ea basebetsi bohle ba nang le tsebo, le ka thuso e lerato ea moithaopi e mong le e mong. A re ikakheleng ka setotsoana lenaneong la kaho ea Liholo tsa ’Muso!
◆ Hoa khothatsa ho bona hore le hoja libaka tse ling li sa khone ho finyelloa ka baka la pefo, liphutheho tse 331 li ile tsa kopanela phutuhong ea tšimo e sa abuoang ka 1990. Bahoeletsi ba 11 873 ba sebelitse lihora tse 121 450 tšimong, ba tsamaisitse libuka tse 10 405, libukana tse 38 050, limakasine tse 65 074, ’me ba fumane lipeeletso tse 290. Baena le bo-khaitseli le sebelitse hantle haholo!