Litsebiso
● Mpho ea buka ka April le May: Peeletso ea Molula-Qhooa ka monehelo oa R16,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli le lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng tsa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R8,00. June: Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R3,75. July le August: Efe kapa efe ea libukana tse latelang tse lekanang le makasine tse maqephe a 32 ka monehelo oa lisente tse 75 e le ’ngoe: Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Lebitso la Molimo le Tla ’Ne le be Teng ka ho sa Feleng, “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!
● Ha ho loketse, baholo ba lokela ho tiisa litokisetso tsa liphutheho tsa hore li kopanele bopaking ba mantsiboea, haholo-holo ka April, e le hore li ka thusa bo-pula-maliboho ba thusang.
● Ho tloha ka 1989 re ’nile ra hatisa khatiso e ntlafalitsoeng ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo. Nako ea copyright e bontšitsoeng leqepheng 2 ke 1989.
● Ho tloha ka January 1, 199l, puo ea Seestonia e phaelletsoe lethathamong la rōna la likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli tsa Molula-Qhooa tse fumanehang ka poso.
● Mokhatlo o ntse o lokisetsa hore likopano tse ’maloa tsa setereke li tšoaroe likhoeling tsa September/October 1991. Le tla tsebisoa liphetoho leha e le life hang ha libaka tseo li tla tšoareloa ho tsona li se li tiisitsoe. Kopano ea Durban e se e tla tšoaroa ka October 11-13, 1991.
● Liphutheho li lokela ho qala ho odora meqolo ea The Watchtower le Awake! ea 1990. Meqolo ena e tla fumaneha ka Senyesemane, Segerike, Setaliana, le Sepotoketsi. Liodoro li se ke tsa romelloa hammoho le chelete haeba phutheho ea lōna e na le molato oa libuka Mokhatlong. Meqolo ena e tla lefisoa molatong oa libuka oa phutheho. Ho fihlela ha meqolo ena e fumaneha ’me e romelletsoe, e tla hlaha ho li-invoice tsa phutheho e le “Li tla romeloa.” Liphutheho tse nang le likhaello molatong oa tsona oa libuka li lokela ho romella chelete hammoho le liodoro tsa tsona. Meqolo ena ke ea setoko se laoloang ’me e tla lefisoa ka R15,50 o le mong bakeng sa phutheho, bakeng sa bahoeletsi le bo-pula-maliboho.
● Likhatiso tse Ncha tse Fumanehang:
Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? (E nyenyane)—Sepotoketsi