Litsebiso
● Mpho ea buka ka May: Peeletso ea Molula-Qhooa ka monehelo oa R16,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli le lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng tsa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R8,00. June: Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R3,75. July le August: Leha e le efe ea libukana tse latelang tse lekanang le makasine tse maqephe a 32 ka monehelo oa lisente tse 75 e le ’ngoe: Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Lebitso la Molimo le Tla ’Ne le be Teng ka ho sa Feleng, “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!
● Haeba mohoeletsi oa ’Muso a qosoa ka tlhokomelo ea bana, tlhalo, kapa litokelo tsa ho etela bana, a ka fumana pokello ea mangolo a liqeto tsa lekhotla le boitsebiso bo amanang le tokelo ea Lipaki tsa Jehova ea ho hlokomela bana le ho ba etela. Sehlopha sa baholo se ka iphumanela boitsebiso bona Mokhatlong. Ha a fumana boitsebiso bona, mohoeletsi ka mong a ka rata ho buseletsa Mokhatlo bakeng sa litšenyehelo tsa poso. Pokello ena e na le liqeto le boitsebiso ba linyeoe tsa Amerika bo lokelang ho nehoa ’muelli oa molao pele nyeoe e e-ea khotla e le hore ’muelli eo a ka itokisetsa ho thulana ka katleho le litaba life kapa life tse ka hlahang. Sehlopha sa baholo ha sea lokela ho kōpa boitsebiso bona hore se ipolokele bona lifaeleng tsa sona empa se lokela ho kōpa boitsebiso bona hafeela nyeoe ea sebele e atamela.
● LIKOPANO TSA SETEREKE: Re thabela ho le fa matsatsi, metse, lipuo le lipotoloho tse abetsoeng Likopano tsa rōna tsa Setereke tsa “Barati ba Tokoloho” tsa 1991.
September 27-29: Windhoek (lenaneo la lipuo tse peli ka Seafrikaanse/Senyesemane), Namibia Potoloho 1A.
October 4-6: Ongwediva (lenaneo la lipuo tse peli ka Sekwanyama/Sendonga, Sepotoketsi), Namibia Potoloho 1B.
October 11-13: Durban (Senyesemane, Sezulu), Lipotoloho 4, 8, 51, 28, 29, 30, 31 (karolo ea Sezulu), 45A.
Newcastle (Sezulu), Lipotoloho 22A (Bochabela), 23, 27, 42 (Leboea), 45B.
Empangeni (Sezulu), Lipotoloho 24, 25, 26, 42 (Boroa).
November 29–December 1: St. Helena (Senyesemane).
December 13-15: Thulamahashe (Setsonga), Lipotoloho 17, 18, 20.
Gaborone, Botswana (Senyesemane, Setswana), Botswana Potoloho 1.
Bloemfontein (lenaneo la lipuo tse peli ka Seafrikaanse/Senyesemane, Sesotho), Lipotoloho 41, 21, 52, 53 (ha ho akarelletsoe Carletonville le Fochville).
December 20-22: Cape Town (Seafrikaanse, Senyesemane, Sexhosa), Lipotoloho 6, 10, 38, 48.
Johannesburg (Seafrikaanse, Senyesemane, likarolo tse ling ka Segerike, Sepotoketsi, Sesotho, Sezulu), Lipotoloho 1, 2, 7A, 11, 12, 13, 40C, 49, 53 (Carletonville le Fochville feela).
Lebowa-Kgomo (Sepedi, likarolo tse ling ka Sevenda), Lipotoloho 17 (Sevenda, likarolo tsa Sepedi), 19, 46.
Mafikeng (Setswana), Lipotoloho 14, 39, 47.
Maputo (Sepotoketsi, Setsonga).
Mdantsane (Sexhosa), Lipotoloho 34A, 36, 37, 43.
Port Elizabeth (Seafrikaanse, Senyesemane), Lipotoloho 5, 9.
December 27-29: Kanyamazane (Sezulu), Lipotoloho 18, 19, 20 (likarolo tsa Sezulu).
Manzini (Sezulu, likarolo tse ling ka Senyesemane), Swaziland Lipotoloho 1, 2.
Maseru (Sesotho, likarolo tse ling ka Senyesemane), Lesotho Lipotoloho 1, 2.
Pretoria (Seafrikaanse, Senyesemane, lenaneo la lipuo tse tharo ka Sepedi/Sesotho/Setswana, Sezulu), Lipotoloho 3, 7B, 15, 16A le B, 19 (karolo ea Setswana), 40A le B, 50, 22B (Leboea).
January 3-5, 1992: Umtata (Sexhosa), Lipotoloho 31 (Sexhosa), 32, 33, 34B, 35, 44.
● Likhatiso tse Ncha tse Fumanehang:
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele—Sendonga