Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/91 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
km 7/91 leq. 7

Litsebiso

● Mpho ea buka ka July le August: Efe kapa efe ea libukana tse latelang tse lekanang le makasine tse maqephe a 32 ka monehelo oa lisente tse 75 e le ’ngoe: Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Lebitso la Molimo le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! September: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R7,50. Libuka tse nyenyane ke R3,75. October: Lipeeletso tsa Tsoha! kapa Molula-Qhooa kapa bakeng sa limakasine tseo ka bobeli ka monehelo oa R16,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli le lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R8,00.

● Liphutheho tse lakatsang ho fetola likemiso tsa liboka tsa tsona li lokela ho etsa joalo ka September 1. Kemiso e ncha e lokela ho etsoa ’me e phatlalatsoe liphuthehong. Liphutheho tsohle li lokela ho tsebisa Mokhatlo ka kemiso ea tsona e ncha ea liboka ’me e se be ka mor’a August 6.

● Kakaretso ea Thuto ea Molula-Qhooa bakeng sa beke e tla tšoaroa lenaneong la Kopano ea Setereke ea “Barati ba Tokoloho.” Ka tsela ena, baena ba ke ke ba lahleheloa ke lijo tsa moea tse lokiselitsoeng bekeng eo ba tla ea kopanong ka eona. Bohle ba khothalletsoa ho tsamaisana le sebui ka kopi ea bona ea botho ea Molula-Qhooa.

● Kaha selemong sena kopano e tla ba ea matsatsi a mararo, ha ho hlokahale hore ho hlakoloe Thuto ea Buka ea Phutheho bekeng ea kopano.

● Liphutheho li hopotsoa ho odora lenane le lekaneng la liforomo bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 1992. Liforomo tsena li se senngoe. Li lokela ho sebelisetsoa morero oo li o reretsoeng feela.

● Libeche tsa kopano ea setereke ea 1991 li lokela ho odoroa ’me li tla lefisoa molatong oa libuka ka lisente tse 5 karete e le ’ngoe. Liphutheho tse se nang molato kapa tse nang le khaello ea chelete li lokela ho romella chelete hammoho le odoro. Ka kōpo odorang ka lenane la tse 20 haeba ho khoneha. Libeche li fumaneha ka Seafrikaanse, Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Sexhosa, le Sezulu. Ka kōpo romellang odoro ea lōna ntle ho tieho.

● Ka kōpo hlokomelang: Pele phutheho e fumana setša bakeng sa Holo ea ’Muso Komiti ea Kaho ea Lebatooa e lokela ho tsebisoa. Komiti ena e boetse e lokela ho tsebisoa pele lipolane tsa ho qetela tsa mohaho li etsoa, haholo-holo haeba ho ameha kalimo e tsoang Mokhatlong.

● Likhatiso tse Ncha tse Fumanehang:

Insight on the Scriptures, Moqolo 2 (phutheho le batho bohle: R18,25; bo-pula-maliboho: R15,50)—Setaliana

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela