Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/91 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
km 12/91 leq. 7

Litsebiso

◼ Mpho ea buka ka December: Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ka monehelo oa R8,00. January le February: Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang? ka monehelo oa R2,60. March: Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! ka monehelo oa R8,00.

◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba lichelete tsa phutheho ka December 1 kapa kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a moo.

◼ Molebeli ea okamelang o lokela ho lokisetsa hore ho abjoe li-“Medical Document” le li-“Identity Card” tse ncha qalong ea Seboka sa boraro sa Tšebeletso ka January. Moena ea fanang ka litsebiso tsa phutheho a ka hopotsa phutheho hakhutšoaane kamoo li sebelisoang ka teng joalokaha ho boletsoe lengolong la January 1, 1990. Maneha lengolo lematjaneng la boitsebiso beke e le ’ngoe kapa tse peli ebe joale u le khutlisetsa faeleng ea phutheho bakeng sa ho ikhopotsa lona nakong e tlang. Baena ba khothalletsoa hore ba tlatse likarete hang-hang, ’me ba li saene hantle, ba fumane lipaki le ho ngola letsatsi Sebokeng sa Tšebeletso. Ena ke tokisetso ea selemo le selemo ’me balebeli ba okamelang ba lokela ho tiisa hore ka mor’a seboka baholo ba etsa bonnete ba hore li tlatsitsoe.

◼ Haeba u ea phomolong ka December, tiisa hore o fana ka tlaleho ea hao pele u tsamaea, kapa u e romele ka poso. E romele phuthehong ea hao nako e sa le teng, ho seng joalo u ke ke ua nkoa joaloka mohoeletsi oa ’Muso khoeling eo.

◼ Sehopotso sa 1993 se tla ba ka Labobeli, April 6, ka shoalane. Tsebiso ena e fanoang esale pele ea letsatsi la mokete oa Sehopotso ka 1993 e fanoa e le hore baena ba ka beeletsa libaka kapa ba etsa litumellano tse hlokahalang bakeng sa liholo tse fumanehang ha ho e-na le liphutheho tse ngata haholo tse sebelisang Holo ea ’Muso e le ’ngoe ’me ba tlameha ho fumana libaka tse ling.

◼ Joale, liphutheho li ka odora temana ea selemo ea 1992, e fumanehang ka theko ea R12,00 e le ’ngoe ka Seafrikaanse, Senyesemane, Sesotho, Sexhosa le Sezulu. Theko e tla lefisoa molatong oa libuka. Liphutheho tse nang le khaello ea chelete molatong oa tsona oa libuka li lokela ho romela chelete le odoro ea tsona.

◼ Ho etsoa tlhahiso ea hore liphutheho tsohle li manehe temana e ncha ea selemo ka January 1, 1992.

◼ Kaha selemong sena kopano e tla tšoaroa ka Labohlano, Moqebelo, le Sontaha, Thuto e tloaelehileng ea Buka ea Phutheho e tla tšoaroa bekeng ea kopano.

◼ Liphutheho tse lefang ka cheke li lokela ho tiisa hore licheke TSOHLE li TŠOAILOE ka ho hlaka ’me li ngotsoe “NOT NEGOTIABLE” pakeng tsa mela e otlolohileng. “Or Bearer” le eona e lokela ho hlakoloa. Licheke tse sa tekenoang ka tsela ena li ke ke tsa kenngoa bankeng ’me li tla khutlisetsoa ho motho ea li rometseng.

◼ LIKOPANO TSA SETEREKE: KA KŌPO HLOKOMELANG MATSATSI A NEPAHETSENG:

December 20-22: MAFIKENG, The Great Hall, University of Bophuthatswana, Mmabatho.

◼ Likhatiso tse Ncha tse Fumanehang:

Searabia: Moloko oa Batho o Batla Molimo (phutheho le batho bohle: R4,00; bo-pula-maliboho: R2,00). Kwangali: ’Muso o Tla Tlisa Paradeise (phutheho le batho bohle: lisente tse 80; bo-pula-maliboho: lisente tse 40).

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela