Na U Ananela Bohlokoa ba Eona?
1 Haesale hoba e lokolloe ka 1978, Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele e ipakile e le thuso ea bohlokoa ho batsoali le ho bacha. Lekaleng la rōna feela ho ile ha ntšoa likopi tse 627 846 bakeng sa kabo. Batsoali ba e sebelisitse ka katleho ha ba ruta bana ba bona, ’me bacha ba rōna ba bangata ba bontšitse taba-tabelo e khōlō ea ho ithuta litaba tsa eona tse ka hare.
2 Morao tjena, motsoali e mong o ngotse: “Ho tloha pele mora oa rōna Vaughan a ba le lilemo tse peli, o ile a haptjoa ke buka ea lipale tsa Bibele. O ne a rata litšoantšo ’me a hana ho robala pele a balloa pale. Ha a le lilemo tse ka bang peli le halofo, o ile a qala ho mamela lipale tse hatisitsoeng ka theipi. O ile a ithuta ho kenya k’hasete le ho e fetola. O ne a qeta letsatsi lohle a mametse lipale ka ho li pheta-pheta, hangata a latela ka litšoantšo tse bukeng ea hae. Hona joale, o lilemo li ’nè ’me o tseba lipale tsohle. Lirapa tse ngata o li pheta ka hlooho. O boetse o thabela ho hlalosetsa khaitseli ea hae e nyenyane e likhoeli li 18 litšoantšo tse itseng ’me le eona ka ho tšoanang e rata buka ea eona.”
3 Thuto ee eohle e bile le phello efe kelellong ea ngoana eo? Ntate oa hae o re: “Ha ho hlaha khang litabeng tse kang ho bua leshano, ho hloka kutlo le tse ling, Vaughan o phetleloa thuto e buang ka molao-motheo o amehang ’me o utloisisa hang-hang. Hape, hona joale lithapelong tsa hae o se a qalile ho leboha Jehova ka ho romela Jesu lefatšeng.”
4 E ka ’na eaba ha u na bana ba banyenyane. Empa u ka ’na ua khona ho sebetsa le bacha ka phuthehong. Bacha ba Bakreste baa khothala le ho susumetseha ke ha bahlanka ba khethiloeng ka phuthehong ba ba bontša thahasello ea botho. (Liprov. 27:23) Na u ka qeta nako e eketsehileng le bacha, haholo-holo tšebeletsong ea tšimo?
5 Ho nehelana ka buka ea Lipale tsa Bibele: Khoeling ea December, re tla be re nehelana ka Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. Kaha ke khatiso e ipiletsang haholo ho bacha le ho batho ba baholo, re lakatsa ho khothalletsa bohle ba leng ka phuthehong hore ba qete nako e ngata kamoo ho ka khonehang tšimong ba nehelana ka mpho ena.
6 Lōna bacha re le khothalletsa hore ka December le etse boiteko bo khethehileng ba ho tsamaisa khatiso ena ho bao le kenang sekolo le bona pele nako ea phomolo ea likolo e qala, ’me le ikopanye le batsoali ba lōna le ba bang ka phuthehong ha le e-ea tšimong.
7 Ka linako tse ling bana ba hloka khothatso e fokolang hore ba nke khato ea ho arolelana litaba tse molemo le ba bang. Sena se ile sa hlokomeloa phihlelong ea moshanyana ea lilemo li hlano oa karolong e ka bophirimela ho Kenya ea ileng a bolela hore o lakatsa ho ba pula-maliboho ea khethehileng. ’Mè oa hae o ile a ’molella hore e ke ke ea ba le ha e le pula-maliboho ea ka mehla kaha ha a na thuto ea Bibele. ’Mè oa hae o ile a etsa tlhahiso ea hore a rute bana bao a bapalang le bona ka kopi ea hae ea Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. Moshanyana enoa ea lilemo li hlano o ile a nka buka ea hae ea Lipale tsa Bibele eaba o etela metsoalle ea hae, a e memela ho ithuta Bibele le eena. Phello e bile efe? O ile a bokella sehlopha sa bana ba leshome seo a neng a ithuta le sona. O ile a sebelisa litšoantšo hamolemo, a botsa lipotso tse ngata tse fatisisang, ’me a botsa lipotso tsa tlhahlobo bofelong ba thuto. Haeba ba sa hopole, o ne a pheta boitsebiso boo le bona. ’Mè oa hae o hlalosa hore ka sebele e ne e le thabo ho bona bana bana ba lutse fatše ka pel’a ntlo ba ithuta hammoho! E ile ea ba thabo e eketsehileng ho ’mè oa hae, esita le ho phutheho, ho bona ba robeli ba bana bana ba ba teng libokeng tsa phutheho. Ba bang ba babeli ba ne ba le banyenyane haholo.
8 Batsoali, hlahlobang hammoho le bana ba lōna tse ling tsa likenyelletso tse hlahisitsoeng. Ba thuseng ho sebelisa mangolo a leng Sehloohong sa Puisano. Bontšang bacha kamoo ba ka bolokang litlaleho tse nepahetseng tsa ntlo le ntlo e le hore ba ka etsa maeto a ho boela ho ba bontšitseng thahasello. Ba thuseng ho qalisa lithuto tsa Bibele ka buka ena, ’me haeba ho hlokahala, ba thuseng hang ha ba qalisa e ’ngoe.
9 Kananelo ea rōna bakeng sa khatiso ena e ntle ha e ke e re susumelletse ho nehelana ka eona ha ho hlaha monyetla o mong le o mong ’me re e sebelise ho qalisa lithuto tse eketsehileng tsa Bibele ka December.