Kananelo ea Hao Bakeng sa Lefu la Kreste
1 “Mor’a motho o tlile, eseng ho tla sebeletsoa, empa ho sebeletsa le ho fana ka sephefumolohi sa hae e le thekollo bakeng sa ba bangata.” (Matt. 20:28, NW) Ha ho motho leha e le ofe ea kileng a phela lefatšeng ea neng a ka etsa seo Jesu Kreste a se etselitseng moloko oa batho. Ka bophelo ba hae le lefu la hae thupeng ea tlhokofatso, re khannetsoe tseleng eo re ka amohelang mpho e khōlō ka ho fetisisa eo motho a ka e fumanang, e leng bophelo bo sa feleng. Leha ho le joalo, batho ba bangata ha ba ananele seo Kreste a se entseng.
2 Nahana ka se ileng sa etsahala ha Jesu a e-na le balepera ba leshome. Ha ba bona Jesu, ba ile ba hooa: “Jesu, Monghali, re hauhele.” (Luka 17:13) O ile a fela a ba hauhela, a ba laela, ho ea ka Molao, hore ba e’o itlaleha ho baprista. Ha ba le tseleng, balepera bao ba leshome kaofela ba ile ba fola.
3 Empa ke a le mong feela ea ileng a khutlela ho Jesu ho tla leboha. Ba bang ba robong bona? Ba ile ba itsamaela ba sa nahane ka ho leboha motho ea ba thusitseng. (Luka 17:15-17) Rōna re tšoana le mang? Re batla ho tšoana le monna ea ileng a khutla. O ne a e-na le kananelo ea sebele. Na ke kamoo re ikutloang ka teng ka lefu la Kreste?
4 Ho Bontša Kananelo ea Rōna: Selemo se seng le se seng Mokhatlo o etsa tlhahiso ea hore ho baloe litemana tse itseng ka Bibeleng bekeng ea pele ho letsatsi la Sehopotso. ’Malo oa Bibele o khothalletsoang o fumanoa tlas’a April 12-17 ho Almanaka ea Lipaki tsa Jehova ea 1992. Re ka bontša kananelo ea rōna ka ho bala le ho thuisa ka liketsahalo tsena tse etsahetseng bophelong ba Jesu pejana ho lefu la hae.
5 Tšebeletso ea rōna ea tšimo e amana le kananelo bakeng sa Sehopotso. Baholo ba tla batla ho etsa litokisetso tse hlophisitsoeng hantle e le hore bo-pula-maliboho le bahoeletsi ba ka khona ho rera ho etsa tšebetso e eketsehileng ka April.
6 Hangata ena ke khoeli eo ka eona batho ba likete ba kopanelang mosebetsing oa bopula-maliboho bo thusang. Selemong se fetileng ka April batho ba 6559 ba ile ba nka karolo mona Afrika Boroa. Na u ka etsa joalo selemong see ka April? Haeba u sa khone ho ba pula-maliboho ea thusang, lokisetsa ho eketsa tekanyo eo u kopanelang ka eona mosebetsing oa boboleli ha maemo a hao a u lumella.
7 Susumelletsa ba Bang ho ba le Kananelo: Selemo se seng le se seng moketeng oa Sehopotso, batho ba bangata ba thahasellang ba kopana le rōna. Ka mohlala, ho batho ba 10 650 158 ba bileng teng Sehopotsong lefatšeng ka bophara selemong se fetileng ka March, ba fetang 6370 000 e ne e le batho ba thahasellang. Sena se bontša hore ho na le tebello e khōlō ea keketseho mokhatlong o hlophisitsoeng.
8 Re lokela ho sebelisa limemo tse hatisitsoeng ke Mokhatlo ebe re etsa litokisetso tsa hore ho be le lipalangoang bakeng sa liithuti tsa Bibele le batho ba thahasellang haeba ho hlokahala. Bontša cheseho e mofuthu ha u ba mema.
9 Ba thuse ho hlokomela hore na ke hobane’ng ha ho ile ha thehoa Sehopotso, hore na ke bo-mang ba jang litšoantšetso, le hore na litšoantšetso li emela eng. (1 Ba-Kor. 11:23-26) Hape, ba hlalosetse ka tšepo eo batho ba jang ba nang le eona le ea bashebelli ba sa jeng litšoantšetso. (Joh. 10:16; Tšen. 14:3, 4) Sena se tla thusa batho ba thahasellang ho utloisisa hore ho hlokahala hore bohle ba ‘bontše tumelo’ le hore ho ba teng feela Sehopotsong sa lefu la Kreste hanngoe ka selemo ha hoa lekana.—Joh. 3:16.
10 Sehopotso sa lefu la Kreste ke ketsahalo e khethehileng haholo. Ka ho se lokiselletsa ka ho felletseng, re tla be re bontša hore ka sebele re ananela sohle seo Jehova le Kreste ba re etselitseng sona. Ho etsa hore batho bao re ithutang Bibele le bona ba be le kananelo bakeng sa ketsahalo ena, hammoho le batho ba bang ba thahasellang ho tla ba thusa hore le bona ba bontše tumelo tokisetsong ea Jehova ea thekollo ka Jesu Kreste.