Litsebiso
◼ Mpho ea buka ka July: E ’ngoe ea libukana tsena tse lekanang le makasine: Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, kapa ’Muso O Tla Tlisa Paradeise ka monehelo oa lisente tse 80 e le ’ngoe. August: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R8,00. September: U Ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R8,00. Libuka tse nyenyane ke R4,00. October: Lipeeletso tsa Tsoha! kapa Molula-Qhooa kapa bakeng sa limakasine tseo ka bobeli ka monehelo oa R17,00 e le ’ngoe bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli le lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R8,50.
◼ Ho qala ka September, balebeli ba potoloho ba tla fana ka puo ea phatlalatsa “Ho Itlhoekisa Litšileng Tsa Lefatše.”
◼ Foromo ea Kabelo ea Tšimo e sa Abuoang (S-91) e ke ke ea hlola e sebelisoa ho tlaleha mosebetsi oa liphutheho tse sebetsang tšimong e sa abuoang. Ho tloha joale, mosebetsi oa bahoeletsi tšimong e sa abuoang o tla tlalehoa ’moho le mosebetsi oo ba o entseng likabelong tsa bona tse tloaelehileng. Re tla ananela ho amohela liphihlelo tse thahasellisang tse mabapi le phutuho.