Litsebiso
◼ Mpho ea buka ka September: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R8,00. Libuka tse nyenyane ke R4,00. October: Lipeeletso tsa Tsoha! kapa Molula-Qhooa kapa bakeng sa limakasine tseo ka bobeli ka monehelo oa R17,00 e le ’ngoe bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli le lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R8,50. November: Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? ka monehelo oa R2,60. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R8,00. TLHOKOMELISO: Liphutheho tse e-song ho odore libuka tsena tse boletsoeng ka holimo tsa phutuho li lokela ho etsa joalo foromong ea tsona e latelang ea khoeli le khoeli ea Literature Order (S-AB-14).
◼ Tokollong ea August ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso re ile ra hopotsa bo-pula-maliboho hore ba ka fumana libuka, limakasine, le lipeeletso ka theko ea bo-pula-maliboho bakeng sa bona feela eseng bakeng sa malapa a bona le metsoalle. Ka kōpo hlokomelang hore bo-pula-maliboho ba thusang ba ka fumana limakasine le lipeeletso feela ka theko ea bo-pula-maliboho le hona e le feela khoeling eo ba hlileng ba kopanetseng mosebetsing oa bopula-maliboho bo thusang ka eona. Bo-pula-maliboho ba thusang ba ke ke ba fumana lingoliloeng tse ling ka theko ea bo-pula-maliboho.
◼ Liphutheho tse sebetsang tšimong e sa abuoang li amohetse lethathamo la likhatiso tsa khale tse lokelang ho sebelisoa nakong ea phutuho. Ka kōpo liphutheho tsena li lokela ho hlokomela lintlha tse latelang: Ke feela nakong ea phutuho theko ea likhatiso tsena e tlang ho ba lisente tse 60 bakeng sa bo-pula-maliboho ba ka mehla le ba khethehileng. Theko ea bahoeletsi le bo-pula-maliboho ba thusang e tla ba R1,00 e le ’ngoe. Bukana ea Meea e sa Bonahaleng e ke ke ea fumaneha ka theolelo. Liphutheho li ka kōpa phokoletso khatisong ka ’ngoe ho tsena ka ho sebelisa foromo ea Tefello le Kōpo ea Phokoletso (S-AB-20).
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba lichelete tsa phutheho ka September 1 kapa kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a moo. Tsebisang phutheho ha sena se entsoe.
◼ Ka Moqebelo, October 10, 1992, lehae la Bethele le fektheri li tla koaloa bakeng sa tlhoekiso, kahoo ho ke ke ha ba le litokisetso tsa ho bontša batho mohaho.
◼ Ho bohlokoa hore lihlopha tsa batho ba 15 kapa ho feta tse rerang ho etela mehahong ea Mokhatlo e Roodekrans li iteanye pele le Bethel Office bakeng sa ho etsa litokisetso tsa ho bona mohaho. Re masoabi hore ebe MOKHATLO HA O BOEMONG BA HO FANA KA MAROBALO KAPA HO ETSA LITOKISETSO TSA MAROBALO. KA KŌPO IKETSETSENG LITOKISETSO TSA LŌNA.
◼ Bahoeletsi ba rerileng ho nka bopula-maliboho bo thusang ka October ba lokela ho nehelana ka likōpo tsa bona nako e sa le teng. Sena se tla lumella baholo hore ba etse litokisetso tse hlokahalang bakeng sa libuka le tšimo. Bahoeletsi bohle ba kenang sekolo ba khothalletsoa hore ba kopanele mosebetsing oa bopula-maliboho bo thusang ka October kaha ba tla be ba le matsatsing a phomolo qalong ea khoeli eo.
◼ Baholo ba hopotsoa hore ba latele keletso e fanoeng ho maqephe 21-3 a Molula-Qhooa oa April 15, 1991, mabapi le batho ba khaotsoeng kapa ba ikarotseng ba ka ’nang ba batla ho khutlisetsoa.
◼ Ho maqephe 103-4 a Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna, ho fanoe ka tataiso tabeng ea hore na ho ka kopanyelletsoa eng ha ho tlalehoa lihora tsa tšebeletso ea tšimo. Ba bang ba ’nile ba ipotsa hore na ebe mohoeletsi ea tolokelang sebui se fanang ka puo ea phatlalatsa a ka bala nako eo. E, sebui le motho ea tolokang ba ka kopanyelletsa nako eo litlalehong tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo.
◼ LIKOPANO TSA SETEREKE: Ka kōpo hlokomelang liphetoho tse latelang matsatsing a kopano ea Durban:
December 25-27, 1992:
Durban (Senyesemane, Sezulu).
◼ Likhatiso Tse Ncha Tse Fumanehang:
Sekalanga: Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?
Li-diskette Tse Ncha Tse Fumanehang:
Senyesemane: New World Translation of the Holy Scriptures—With References (Sete ea li-diskette tse ’nè tsa 5 1/4” 1,2-megabaete. Phutheho le batho bohle: R40,00; bo-pula-maliboho: R33,00. Sete ea li-diskette tse supileng tsa 3 1/2” 720-kilobaete ha li e-s’o be teng.)
◼ Tse Fumanehang Hape Afrika Boroa:
Magazine file case.