Mesebetsi e Khethehileng ka March le April
1 Lefatšeng lohle Lipaki tsa Jehova li etsa boiteko bo khethehileng ka March le April selemo se seng le se seng ho kopanela mosebetsing oa boboleli. Ho thoe’ng ka uena? Na u se u entse litokisetso tse tsitsitseng tsa ho eketsa karolo ea hao tšebeletsong?
2 Bahoeletsi ba lakatsang ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang ka March le April ba lokela ho etsa litokisetso hona joale le ho tlatsa likōpo tsa bona nako e sa le teng. Sena se tla thusa baholo hore ba etse litokisetso tse hlokahalang tsa tšebeletso ea tšimo ’me ba be le lingoliloeng tse lekaneng. Hopolang hore re tla ba le letsatsi le khethehileng la limakasine ka April 3. Liphutheho li lokela ho kenya liodoro tsa tsona tse khethehileng tsa limakasine hang-hang, li li ngole foromong ea Odoro ea Kabo (M-AB-202).
3 Na re ka iketsetsa pakane ea tlhōrō e ncha ea bo-pula-maliboho ba thusang le ea limakasine tse tsamaisitsoeng khoeling ea April? Selemong se fetileng re bile le bo-pula-maliboho ba thusang ba 6 559 Afrika Boroa. Ka kakaretso, ho ile ha tsamaisoa limakasine tse 599 394. Na re ka ntlafatsa manane aa ka April 1993? Buisanang ka taba ena le le lelapa. Buang le Jehova ka thapelo. Baholo, haholo-holo molebeli oa tšebeletso, le lokela ho lokisetsa esale pele bakeng sa mesebetsi ena e khethehileng, le tsebise phutheho ka eona. Liphutheho tse hlokang tšimo e eketsehileng ka baka la mesebetsi e eketsehileng li ka sebetsa tšimong ea tsona e sa abuoang. E se eka bohle re ka ba le ho eketsehileng hoo re ho etsang tšebeletsong ea Jehova ka March le April.—1 Ba-Kor. 15:58.