Likopano tsa Setereke tsa 1993 tsa “Thuto ea Bomolimo”
1 Re thabela ho fana ka lethathamo la matsatsi le lipuo bakeng sa Likopano tsa Setereke tsa 1993 tsa “Thuto ea Bomolimo.” Likopano tsena e tla ba tse khathollang haholo le tse itlhommeng pele mesebetsing ea rōna ea puso ea Molimo ea 1993. Phutheho ka ’ngoe e tla tsebisoa ka lengolo hore na e ee kopanong efe.
2 Selemong sena re tla ba le likopano tse khethehileng tse ’nè Afrika Boroa tseo ho tsona ho tla ba teng baeti ba tsoang mose ho maoatle. Likopano tsena li tla tšoaroa ka mafelo-beke a le mang Johannesburg, Pretoria, Durban, le Cape Town. Leha ho le joalo, ho tla ba le LENANEO LE TŠOANANG likopanong TSOHLE e le hore ba tla ea libakeng tse ling ba se ke ba haelloa ke lijo leha e le life tsa moea. Phapang feela ke hore likopanong tsa machaba ho tla ba teng baeti ba tsoang mose ho maoatle. Ka lebaka la litulo tse lekanyelitsoeng le marobalo ha re khothaletse baena ba bangata hore ba be teng likopanong tsena tsa machaba. Ka ho khetheha mehaho e Johannesburg e nka feela palo e lekanyelitsoeng. Nakong e fetileng baena ba bang ba ile ba etsa tokisetso ea hore ba be teng likopanong tse peli, kopanong eo ba sebetsang ho eona le eo ba mamelang. Sena se loketse. Hape, haeba kopano eo phutheho ea heno e abetsoeng ho eona e se ka puo ea heno, ikutloe u lokolohile ho ea ho e ’ngoe.
3 Re ba le mathata a ho fumana libui tse lekaneng bakeng sa likopano tse ling. Re tla ananela haeba baholo ba tšoanelehang ba ka thusa ho e ’ngoe ea likopano tse latelang: (a) Ho hlokahala libui tse tla fana ka lipuo ka Senyesemane East London, Gaborone, Manzini, le Maseru. (b) Ho hlokahala libui tse tla fana ka lipuo ka Senyesemane le Seafrikaanse Bloemfontein, Port Elizabeth, le Windhoek. Ka kōpo hlokomelang hore selemong sena re rerile ho fana ka lenaneo le felletseng la Senyesemane le Seafrikaanse Bloemfontein. (c) Ho hlokahala libui tse tla fana ka lipuo ka Sevenda le Setsonga Nkowankowa. Baholo ba tšoanelehang ba sebelisoang mananeong a kopano ea potoloho ba mengoa hore ba ngolle Mokhatlo. Lengolo la hao le lokela ho fuoa komiti ea tšebeletso phuthehong ea heno. Ba tla ngola litlhaloso tsa bona, ba saene lengolo leo ’me ba le fetisetse ho molebeli oa potoloho. Molebeli oa potoloho o tla etsa lipuello tsa hae ’me a fetisetse lengolo ho Mokhatlo. Lengolo la hao le se ke la fihla ho Mokhatlo KA MOR’A August 2, 1993.
4 Ho lokiselitsoe likopano tse latelang:
December 2-5:
St. Helena, Holo ea ’Muso ea Levelwood (Senyesemane)
December 9-12:
Gaborone, National Stadium (*Senyesemane, *Setswana)
Windhoek, International Hall, Showgrounds (lenaneo la lipuo tse peli ka Seafrikaanse/Senyesemane, le Sekwanyama/Sendonga)
December 16-19:
Bloemfontein, Free State Stadium (*Seafrikaanse, *Senyesemane, *Sesotho)
East London, Jan Smuts Stadium (Senyesemane); Basil Kenyon Stadium (Sexhosa)
Empangeni, Bhekuzulu Hall, University of Zululand (Sezulu)
Newcastle, R. K. Rümelin Stadium (Sezulu)
Nkowankowa, Sports Stadium (Setsonga, likarolo tse ling ka Sevenda)
December 23-26:
KaNyamazane, (White River), KaNyamazane Stadium (Sezulu)
Lebowakgomo, Showgrounds (Sepedi)
Mafikeng, University Stadium, University of Bophuthatswana (Setswana)
Manzini, Trade Fair (*Senyesemane, *Sezulu)
Maseru, National Stadium (likarolo tse ling ka Senyesemane, Sesotho)
Port Elizabeth, Boet Erasmus Stadium (*Seafrikaanse, *Senyesemane, *Sexhosa)
Umtata, Independence Stadium (Sexhosa)
December 30, 1993–January 2, 1994:
Cape Town, Goodwood Showgrounds (*Seafrikaanse, *Senyesemane, *Sexhosa)
Durban, King’s Park Rugby Stadium (*Senyesemane, *Sezulu. Re tla boela re be le mananeo bakeng sa lithōlo.)
Johannesburg, National Exhibition Centre (*Seafrikaanse, *Senyesemane, likarolo tse ling ka Segerike, *Sepotoketsi, *Sesotho, *Sezulu. Re tla boela re be le mananeo bakeng sa lithōlo.)
Pretoria, Showgrounds (*Seafrikaanse, *Senyesemane, lenaneo la lipuo tse peli ka Sepedi/Setswana, *Sezulu)
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
* E bontša hore lenaneo le felletseng le tla fanoa ka lipuo tseo.