Litsebiso
◼ Buka e tla buelloa ka July: E ’ngoe ea libukana tsena tse lekanang le makasine e ka sebelisoa: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, ka monehelo oa lisente tse 90 e le ’ngoe. August le September: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R9,00. Libuka tse nyenyane ke R4,50. October: Lipeeletso tsa Tsoha! kapa Molula-Qhooa ka monehelo oa R19,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli le lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R9,50.
◼ Baeti baa amoheloa bakeng sa leeto la ho bona sebaka sa Bethele lihoreng tse latelang: ’Mantaha-Labohlano: 8:00 a.m.-11:00 a.m. le ka 1:00 p.m.-4:00 p.m. Ka Moqebelo: 8:00 a.m.-11:00 a.m. Ena ke phetoho tsebisong e ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 1990.
◼ Ho tloha ka April 8, 1993, puo ea Gujarati e ekelitsoe lenaneng la likhatiso tsa hanngoe ka khoeli tsa makasine oa Tsoha! tse fumanehang ka poso.
◼ Kopano ea setereke: Ka kōpo hlokomelang hore matsatsi bakeng sa Port Elizabeth a fetotsoe ho ba December 16-19, 1993.
◼ Liphutheho li hopotsoa ho odora lenane le lekaneng la liforomo bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 1994. Liforomo tsena ha lia lokela ho senngoa. Li lokela ho sebelisetsoa morero oo li o etselitsoeng feela.
◼ Likhatiso tse Ncha tse Fumanehang:
Chichewa: Sing Praises to Jehovah (Buka e nyenyane ea lipina; phutheho le batho bohle: R4,50; bo-pula-maliboho: R3,00).
◼ Lik’hasete tse Ncha tsa Video tse Fumanehang:
Senyesemane bakeng sa lithōlō: Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name (phutheho le batho bohle: R45,00; bo-pula-maliboho: R40,00).