Litsebiso
◼ Buka e tla sebelisoa ka September: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R9,00. Libuka tse nyenyane ke R4,50. October: Lipeeletso tsa Tsoha! kapa Molula-Qhooa ka monehelo oa R19,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli le lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R9,50. November: Bibele—Lentsoe la Molimo kapa la Motho? ka monehelo oa R3,00. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R9,00.
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba li-account tsa phutheho ka September 1 kapa kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a moo. Tsebisang phutheho ha sena se se se entsoe.
◼ Ho bangoli ba phutheho. Ha le ngolla Mokhatlo mabapi le li-account, liodoro tsa limakasine, liodoro tsa libuka, litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo, lipotso tse amang lipeeletso, ka linako tsohle ngolang nomoro ea phutheho ea lōna. Hape, ka kōpo tiisang hore nomoro e ngotsoe sebakeng se bontšitsoeng liforomong. Haeba le se na liforomo tsa Mokhatlo, ka kōpo li odoreng.
◼ Ho qala ka November 8, 1993, ho fihlela ka May 2, 1994, buka Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng e tla ithutoa Thutong ea Buka ea Phutheho.
◼ Ka Moqebelo, October 9, 1993, lehae la Bethele le fektheri li tla koaloa bakeng sa tlhoekiso, kahoo ho ke ke ha ba le litokisetso tsa ho bontša batho mohaho.
◼ Bahoeletsi ba rerileng ho nka bopula-maliboho bo thusang ka October ba lokela ho nehelana ka likōpo tsa bona nako e sa le teng. Sena se tla lumella baholo hore ba etse litokisetso tse hlokahalang bakeng sa lingoliloeng le tšimo.
◼ Baholo ba hopotsoa hore ba latele keletso e fanoeng maqepheng 21-3 a Molula-Qhooa oa April 15, 1991, mabapi le batho leha e le bafe ba khaotsoeng kapa ba ikarotseng ba ka ’nang ba batla ho khutlisetsoa.
◼ Liphutheho li lokela ho qalisa ho odora Almanaka ea Lipaki tsa Jehova ea 1994 hammoho le odoro ea tsona ea lingoliloeng ea September. Lialmanaka li tla fumaneha ka Seafrikaanse, Sechaena, Sefora, Segerike, Sejeremane, Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Setaliana, Sexhosa, le Sezulu.