Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/94 leq. 6
  • Mokhoa oa ho Fumana Holo ea ’Muso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mokhoa oa ho Fumana Holo ea ’Muso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 3/94 leq. 6

Mokhoa oa ho Fumana Holo ea ’Muso

Latelang mehato ena ea mantlha mohato ka mohato:

Iteanyeng le Molebeli oa Lōna oa Potoloho

Buisanang ka likarolo tse loketseng ho Kingdom Hall Memorandum ea Mokhatlo.

Bulang savings account bakeng sa letlōle la kaho lebitsong la hutheho.

Khethang Komiti ea Kaho

Komiti ea Kaho e entsoe ka baholo ba bararo kapa ho feta haholo-holo ba nang le phihlelo ea khoebo/kaho.

Batlang Setša/Litša, se Leng Haufi le Bahoeletsi ba Bangata

Litlhoko tsa Setša:

Setša se be li-square mithara tse ±1 500; haholo-holo se be tulong e bataletseng; karolong e khethetsoeng litša tsa bolumeli; qobang libaka tse letsopa, tse majoe, le tse nang le lerata haholo.

Iteanyeng le Komiti ea Lōna ea Kaho ea Lebatooa le ho Khetha Setša

Molebeli oa lōna oa potoloho o na le boitsebiso ba ho iteanya le bona.

Fumanang le ho Ngolisa Setša Lebitsong la Phutheho ea Lōna

Mohlala: Kyalami Central Congregation of Jehovah’s Witnesses. Le se ke la se ngolisa lebitsong la Mokhatlo kapa motho e mong.

Khethang sehlopha sa batsamaisi ka qeto. Kōpang liforomo ho Mokhatlo.

Ngollang Mokhatlo bakeng sa ho kōpa sampole ea molao oa motheo.

Romellang kopi ea tokomane ea lōna ea setša (kapa tiiso ea molao) ho Mokhatlo.

Lekanyetsang Kakaretso ea Chelete e Leng Teng

Hlahlobang hape ntlha 15 ho Kingdom Hall Memorandum.—Luka 14:28.

Iteanyeng le Komiti ea Kaho ea Lebatooa le ho Khetha Moetso oa Holo

E-bang le boitsebiso bohle boo Komiti ea Kaho ea Lebatooa e bo hlokang.

Haeba le hloka thuso ea lichelete, kōpang molebeli oa lōna oa potoloho kapa Komiti ea Kaho ea Lebatooa foromo ea Kingdom Hall Loan Survey.

Romellang Kopi ea Moetso oa Holo ea Lōna ho Mokhatlo

Hang ha lipolane tsa lōna tsa kaho li lumetsoe ke Mokhatlo, li iseng ho ba boholong bakeng sa kamohelo.

Fumanang Inshorense Pele le Qala ka Mosebetsi Setšeng

Ngollang Mokhatlo mabapi le inshorense.

Komiti ea Kaho ea Lebatooa ke Eona e Tla Tataisa ka Linako Tsohle . . .

Baholo ba lokela ho lula ba le mafolo-folo.

Tšoarisanang ka botlalo le Komiti ea Kaho ea Lebatooa nakong eohle ea kaho.

Lulang le tsebisa Mokhatlo ha mohaho oa lōna o ntse o tsoela pele.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela