Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Tlhahlobo ea buka e koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa January 3 ho ea ho April 18, 1994. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang nakong e lekanyelitsoeng.
[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ke ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]
Araba bolelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:
1. Batho ba amoheloang ke Molimo ha ho mohla ba utloang bohloko ba ho hlaheloa ke tlokotsi. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU92 9/15 leq. 4.]
2. Ho latela Nehemia 10:34, mahlabelo a patsi a ne a fanoe e le taelo Molaong. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU86 2/15 leq. 26.]
3. Mantsoe a boitšireletso ba Jobo ho Jobo 31:1 a lumellana le seo Jesu a se rutileng ho Mattheu 5:27, 28. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU79 8/1 leq. 23.]
4. Lilemong tse fetang 1 500 pele ho Kreste, Jobo o ile a bontša tšepo tsohong. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona Jobo 14:13 le wSU93 4/15 leq. 11.]
5. Bafarisi le bangoli ba ile ba sebelisa lentsoe la Seheberu ‛am ha·’aʹrets, “batho ba lefatše [le mobu],” bakeng sa batho feela ba tloaelehileng, bao ba neng ba ba tšoara joaloka ba litšila. [gtSU khao. 85]
6. Tlaleho ea Esthere 1:10-12 e ka thusa motho ea masene ho ananela hore ho ikokobetsa le ho mamela ho molemo haholoanyane ho feta botle. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w79 3/15 leq. 14.]
7. Boinehelo ba bomolimo bo bontša kamano e lerato ho Jehova ka lebaka la ho mo ananela hammoho le litsela tsa hae. [uwSU leq. 19 ser. 15]
8. Tlaleho ea Bibele ho Luka 16:19-31 ea morui le Lazaro ke pale ea bophelo ba sebele. [gtSU khao. 88]
9. Ha Jesu a bua ka “leruo le sa lokang” ho Luka 16:9 (BPN), o ne a bua ka leruo le fumanoeng ka bolotsana. [gtSU khao. 87]
10. Ho Luka 17:34, 35, ho ‘nkoa’ ho bolela timetso. [gtSU khao. 93]
Arabela lipotso tse latelang:
11. Ke lipotso life tse peli tsa bohlokoa tseo buka ea Jobo e li arabelang? [siSU leq. 95 ser. 1]
12. Polelo e ho Jobo 1:8 e re thusa joang ho lekanyetsa nako ea ho lekoa ha Jobo? [siSU leq. 95 ser. 4]
13. Jesu o ne a bolela’ng ha a re barutuoa ba hae ba lokela ho ‘hloea’ beng ka bona? (Luka 14:26) [gtSU khao. 84]
14. Ke neng hona ho bo-mang mantsoe a Jesu ho Johanne 11:26 a tla ipaka e le ’nete ka kutloisiso ea sebele? [gtSU khao. 90]
15. Ke hobane’ng ha ho tsosoa ha Lazaro bafung e bile kotlo e matla ka ho khethehileng ho Basadduci? [gtSU khao. 91]
16. Re lokela ho utloisisa karabelo ea Jesu joang ho Bafarisi ha a ne a re: “’Muso oa Molimo o se o le ka hare ho lōna”? (Luka 17:21) [gtSU khao. 93]
17. Ke boikutlo bofe ba Bafarisi bo senotsoeng ho Luka 18:11, 12, boo Bakreste ba lokelang ho bo qoba? [gtSU khao. 94]
18. Kaha Jesu e ne e le motho ea phethahetseng eo ho seng mohla a kileng a etsa sebe, ke hobane’ng ha a ile a hana ha mohlankana oa morui a mo bitsa “ea molemo”? (Mar. 10:17, 18) [gtSU khao. 96]
19. Ke mabaka afe a mabeli a sehlooho a tlatsetsang bonngoeng ba Bokreste ba ’nete? [uwSU leq. 8 ser. 8]
20. Haeba motho a bolela hore o lumela Boraro-bo-bong, ke hobane’ng ha ho le bohlale ho mo lumella ho itlhalosa tabeng eo pele u hanyetsana le Boraro-bo-bong? [uwSU leq. 16 ser. 10]
Fana ka lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetela polelo ka ’ngoe ho tse latelang:
21. “Mabitla” ao ho buuoang ka oona ho Jobo 3:14 e ne e le ․․․․․․․ [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w79 4/15 leq. 31.]
22. Joaloka Bajode ba mehleng ea Esthere, ka ho loketseng Lipaki tsa Jehova li ipiletsa ․․․․․․․ bakeng sa tšireletseho ho lira. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona [wSU86 3/15 leq. 25.]
23. Le hoja ho sebelisitsoe “bangoli” ba batho ba ka bang __ ho ngola Bibele, ․․․․․․․ ka boeena ke eena Moqapi oa eona. [uwSU leq. 20 ser. 2]
24. Moea oa boitaolo o qalehile ho ․․․․․․․ [uwSU leq. 10 ser. 10]
25. Nehemia o qetella buka ea hae ka kōpo e bonolo le ea boikokobetso: ․․․․․․․ [’Malo oa Bibele oa beke le beke]
Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:
26. Barutuoa ba Jesu ke letsoai la lefatše ka kutloisiso ea hore (ba lokela ho mamella tlhoriso; ho bua ka bonolo; ba na le tšusumetso e tlisang poloko ho batho). [gtSU khao. 84]
27. Taba e ngotsoeng ho Johanne 1:1 e bua ka motho (a le mong; ba babeli; ba bararo). [uwSU leq. 16 ser. 11 (3)]
28. Ho latela Pesaleme ea 9:10, ho tseba lebitso la Molimo ho bolela (ho tseba lebitso la Jehova feela; ho ba le tsebo e itseng ka merero ea hae; ho hlompha boholo ba hae le ho mamela litaelo tsa hae). [uwSU leq. 18 ser. 14]
29. Lazaro, Maretha le Maria ba ne ba lula (Jerusalema; Bethlehema; Bethania). [gtSU khao. 89]
30. Ho Genese 1:1 le 1:26, lentsoe la Sehe beru le fetoletsoeng e le “Molimo” ke (’Adho·naiʹ; ’Elo·himʹ; Shad·daiʹ). [uwSU leq. 17 ser. 11 (4)]
Bapisa mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:
Neh. 13:23-27; Esth. 1:17-20; Jobo 14:14, 15; 26:7; Liprov. 3:5, 6
31. Ha ho letho le bonahalang le tšehelitse lefatše sebakeng. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU92 5/15 leq. 4.]
32. Barapeli ba Molimo oa ’nete ba batlang molekane ba tlameha ho nyala feeli molumeli-’moho ea kamanong le Jehova ka boinehelo. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU89 6/1 leq. 14.]
33. Ka tieo Jehova o batla ho tsosa bafu [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU90 5/1 leq. 7.]
34. Bophelo ba rōna bohle bo lokela ho paka hore monahano oa rōna le boikutlo li na le tšekamelo ea Molimo [uwSU leq. 10 ser. 11]
35. Ho se bontše tlhompho e loketseng ho ka ba le phello e mpe ho ba bang [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w79 3/15 leq. 14.]