Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/94 leq. 2
  • Na Nka Sebeletsa Bethele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Nka Sebeletsa Bethele?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 6/94 leq. 2

Na Nka Sebeletsa Bethele?

1 Haeba u moena oa lesoha, na u se u kile ua nahanela hore mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o rue molemo ho seo u khonang ho se etsa? E, na u ka sebeletsa Bethele ’me ua thusa ho koala tlhoko e potlakileng ea basebetsi ba eketsehileng? Ka lebaka la katoloso e khōlō mona Bethele, ho ntse ho e-ba le tlhoko e khōloanyane Mafapheng a rōna a fapaneng a Tlhokomelo. Joale re se re e-na le mechine le thepa e eketsehileng ho feta leha e le neng pele eo re lokelang ho e hlokomela. Ho phaella ho ntlo e khōlō ea polokelo e seng e tla fela, re rerile ho haha bonyane mehaho e ’meli ea bolulo, ho eketsa mekato e ’meli mohahong oa rōna oa Liofisi, le ho hōlisa Fektheri ea rōna lilemong tse tlang tse ’nè. Ka lebaka leo, re hloka basebetsi ba eketsehileng bakeng sa ho hlokomela mehaho le thepa ea rōna.

2 Ka ho khetheha, ho hlokahala batho ba nang le mangolo a ho sebetsana le motlakase, ba lipompo tsa metsi, li-fitter le li-turner, bo-mek’henike ba likoloi tsa petrole le diesel, ba lokisang lihatsetsi, litsebi tsa HVAC, bakhanni ba nang le Code 14, babetli ba mapolanka ba etsang lik’habinete, baoki, bathusi ba lingaka tsa meno, landscape designers, le interior finishers. Ho batloa baena ba masoha ba pakeng tsa lilemo tse 19 le 35, empa haeba moena ea nyetseng ho na le mosebetsi oo a o tsebang, eena le mosali oa hae ba ka etsa likōpo. Bakōpi e lokela hore ebe ba kolobelitsoe bonyane selemo se le seng, ba be boemong bo botle le phutheho, ’me e be batho ba phetseng hantle ’meleng. Haeba u finyella litlhoko tsena tsa tšebeletso ea Bethele ’me u rata ho kopanela katolosong ena e thabisang, re u khothaletsa hore u etse kōpo hona joale.—Bapisa le Mareka 1:41.

3 Haeba u batla ho etsa kōpo, fumana foromo ea kōpo ea ho sebeletsa Bethele ka ho ngolla Mokhatlo ntle ho tieho. Ha u se u tlatsitse foromo eo ea kōpo, e fetisetse ho Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho ea heno bakeng sa hore e e hlahlobe. Re ka khothaletsa baena bohle ba masoha hore e se eka ka thapelo ba ka nahanela ho tla sebeletsa Bethele. E, e se eka Jehova a ka hlohonolofatsa qeto ea hao ha u arabela ka tsela e ntle potsong, Na nka sebeletsa Bethele?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela