Litaba tsa Puso ea Molimo
Afrika Boroa: Ho bile teng batho ba 476 ha ho neheloa Holo ea ’Muso ea Tsakane South, haufi le Nigel. Liphutheho tse tharo li sebelisa holo ena. Le Phutheho ea Kwa-Dwesi e Port Elizabeth e ile ea thabela ho neheloa ha Holo ea eona ea ’Muso e hahiloeng ka potlako ka la 25 June, 1994.
Re babatsa Basebetsi bohle ba Baithaopi ba Kaho ea Holo ea ’Muso bakeng sa boiteko ba bona bo se nang boithati ho thuseng ka morero oa Liholo tsa ’Muso. Liphutheho tse ntseng li haha holo e ncha li khothaletsoa hore li sebetse ka thata ’me haeba ho khoneha li e qete e be e neheloe pele selemo se fela.