Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla sebelisoa ka September: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R10,50. Libuka tse nyenyane ke R5,30. October: Lipeeletso tsa Molula-Qhooa kapa Tsoha! ka poso ka monehelo oa R30,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Peeletso ea selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hang ka khoeli kapa peeletso ea likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R15,00. Lipeeletso tsa Club ke R19,00 le R9,50 ka ho latellana. November: Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? ka monehelo oa R3,50. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R10,50.
◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Letsatsi la kopano e latelang ea setereke le fetotsoe:
November 25-27:
St. Helena (Senyesemane)
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba li-account tsa phutheho ka la 1 September kapa kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a moo. Tsebisang phutheho ha sena se se se entsoe.
◼ Bahoeletsi ba rerileng ho nka bopula-maliboho bo thusang ka October ba lokela ho nehelana ka likōpo tsa bona nako e sa le teng. Sena se tla lumella baholo hore ba etse litokisetso tse hlokahalang bakeng sa lingoliloeng le tšimo.
◼ Baholo ba hopotsoa hore ba latele keletso e fanoeng maqepheng a 21-3 a Molula-Qhooa oa April 15, 1991, mabapi le batho leha e le bafe ba khaotsoeng kapa ba ikarotseng ba ka ’nang ba batla ho khutlisetsoa.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odora Almanaka ea Lipaki tsa Jehova ea 1995 hammoho le odoro ea tsona ea libuka ea September. Lialmanaka li tla fumaneha ka Seafrikanse, Sefora, Segerike, Sejeremane, Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Setaliana, Sexhosa, le Sezulu. Tsena ke lintho tsa setoko se laoloang. Liphutheho tse se nang account le Mokhatlo kapa tse nang le khaello ea chelete molatong oa tsona oa libuka li lokela ho romela chelete hammoho le liodoro tsa tsona.
◼ Ho tloha ka tokollo ea July 8, 1994, makasine oa Tsoha! ka Sechaena o tla hatisoa habeli ka khoeli ’me o tla tsoa ka nako e le ’ngoe le oa Senyesemane.
◼ Joale Molula-Qhooa le Tsoha! ka Sechaena (Se Nolofalitsoeng) li entsoe hore li fumanehe linaheng tsohle. Molula-Qhooa o hatisoa ka mebala e felletseng. Limakasine tsena li hatisoa habeli ka khoeli ’me li tla tsoa ka nako e le ’ngoe le tsa Senyesemane. Liphutheho li ka kenya liodoro tsa batho ba li abang, ’me lipeeletso tsa botho joale li tla amoheloa ha li romeloa ka phutheho.
◼ Mokhatlo ha o fane ka lingoliloeng ho mohoeletsi ka mong ea li batlang. Ba batlang lintho tse itseng ba ka tsebisa mohlanka oa libuka, eo hang-hang a tla li kenyelletsa odorong ea phutheho ea khoeli le khoeli ea libuka. Molebeli ea okamelang o lokela ho lokisetsa hore ho etsoe tsebiso khoeli ka ’ngoe pele ho romeloa odoro ea phutheho ea khoeli le khoeli Mokhatlong e le hore bohle ba thahasellang ho fumana lingoliloeng tsa botho ba ka tsebisa moena ea sebetsanang le libuka.
◼ Ho tla ba le keketseho e akaretsang thekong ea libuka ho tloha ka la 1 September, 1994. Ka kōpo hlahloba Cost List eo re e rometseng phutheho ka ’ngoe bakeng sa makolopetso a eketsehileng.
◼ Ka Moqebelo oa la 8 October, 1994, lehae la Bethele le fektheri li tla koaloa bakeng sa tlhoekiso, kahoo ho ke ke ha e-ba le litokisetso tsa ho bontša batho mohaho.
◼ Sena ke ho hopotsa LIPHUTHEHO TSOHLE hore ka kōpo li odore likarete tsa Advance Medical Directive/Release le Identity Card kapele kamoo ho ka khonehang foromong ea Literature Order (S-AB-14). Liphutheho tse se nang account le Mokhatlo kapa tse nang le khaello ea chelete molatong oa tsona oa libuka li lokela ho romela chelete hammoho le odoro ea tsona. Likarete tsa medical directive ke lisente tse leshome e le ’ngoe ’me Identity Card ke lisente tse robeli e le ’ngoe. Ka kōpo le li odore ka lihlopha tsa tse 20 haeba ho ka khoneha. Le se abe likarete tsena, empa le li boloke ho fihlela le fumana litaelo tse eketsehileng tse tsoang ho Mokhatlo.
◼ Liphutheho li khothalletsoa hore li odore limemo tse phatlalatsang linako tsa tsona tsa liboka. Limemo tsena li fumaneha ka R13,00 li le 1 000. Limemo ke lintho tsa setoko se laoloang ’me li tla lefisoa molatong oa phutheho oa libuka. (Haeba molato oa lōna oa libuka o se motle, ka kōpo romelang chelete hammoho le odoro ea lōna.) Le ka odora limemo foromong ea Odoro ea Limemo (S-AB-16). Haeba le se na foromo ea odoro, ka kōpo re tsebiseng linako tsa liboka tsa lōna (ke hore, letsatsi bekeng le nako eo seboka ka seng se tšoaroang ka eona) haesita le aterese ea Holo ea ’Muso.
◼ Diskete e ’ngoe ea computer ea fumaneha: GetVerse. Lenaneo lena le lecha le lumella motho ea sebelisang mochine ho kenya litemana tsa Bibele ka ho toba ho li-DOS word processor tse ngata. Sena sea thusa tabeng ea ha ho lokisetsoa lipuo kapa ho etsoa manane a mangolo. GetVerse e fumaneha ka Senyesemane feela ho diskete ea 5 1/4-inch 360-kilobyte. Bakeng sa ho sebelisa lenaneo lena u tlameha hore u kenyetsoe kopi ea New World Translation of the Holy Scriptures—With References kapa New World Translation of the Holy Scriptures—With References/Insight on the Scriptures ho computer ea hao. Theko ea eona bakeng sa phutheho, batho bohle, le bo-pula-maliboho ke R12,00.
◼ Likhatiso tse Ncha tse Fumanehang:
Sepotoketsi: Meqolo ea Molula-Qhooa ea 1978 le 1979 (phutheho, batho bohle, le bo-pula-maliboho: R22,00); Watchtower Publications Index 1960-1990 (phutheho le batho bohle: R37,00; bo-pula-maliboho: R26,00).