Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/94 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 12/94 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla sebelisoa ka December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R10,50. January: Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang? ka monehelo oa R3,50. February: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R10,50. Libuka tse nyenyane ke R5,30. March: Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! ka monehelo oa R10,50.

◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba lichelete tsa phutheho ka la 1 December kapa kapele kamoo ho ka etsahalang ka mor’a moo. Tsebisa phutheho ha sena se entsoe.

◼ Sehopotso sa 1996 se tla ba ka Labobeli, la la 2 April, ka shoalane. Tsebiso ena e fanoang esale pele ea letsatsi la mokete oa Sehopotso sa 1996 e fanoa hore baena ba ka beheletsa libaka kapa ba etsa litumellano tse hlokahalang bakeng sa liholo tse fumanehang ha ho e-na le liphutheho tse ngata tse sebelisang Holo ea ’Muso e le ’ngoe ’me li tlameha ho fumana libaka tse ling.

◼ Lengolo la Mokhatlo la la 1 August, 1994, le rometsoeng ho liphutheho tsohle, le boletse hore likhatiso tse nchafalitsoeng tsa likenyeletso tse peli tse hlahileng litokollong tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1992 le March 1993 li tla romeloa liphuthehong tsohle. E lokela ebe le se le amohetse likenyeletso tsena. KA KŌPO HLOKOMELANG: Kaha likenyeletso tsena li nchafalitsoe, ka kōpo senyang likopi tsa pele tseo le nang le tsona. Ho kenyeletso ea June 1992, ho fanoe ka tataiso e tobileng ea kamoo ho ka sebetsoang le Likomiti tsa Bohokahanyi le Lipetlele tse khethiloeng. Ka kōpo bolokang kopi ea lōna moo le tla e fumana kapele haeba e hlokahala. Nakong e tlang baholo ba lokela ho etsa hore motho e mong le e mong ea sa tsoa kolobetsoa a be le likenyeletso tsena.

◼ Likhatiso tse Ncha tse Fumanehang:

Sepedi: Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo (phutheho, batho bohle, le bo-pula-maliboho: R3,50). Sepolishe: New World Translation of the Christian Greek Scriptures (phutheho le batho bohle: R5,60; bo-pula-maliboho: R3,70).

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela