Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/95 leq. 3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 1/95 leq. 3

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla sebelisoa ka January: Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang? ka monehelo oa R3,50. February: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R10,50. Libuka tse nyenyane ke R5,30. March: Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! ka monehelo oa R10,50. April le May: Peeletso ea Molula-Qhooa ka monehelo oa R30,00 bakeng sa khatiso e tsoang habeli ka khoeli. Peeletso ea selemo sohle ea khatiso e tsoang hang ka khoeli kapa peeletso ea likhoeli tse tšeletseng bakeng sa khatiso e tsoang habeli ka khoeli ke R15,00. Peeletso ea Club ke R19,00 le R9,50 ka tatellano.

◼ Liphutheho li lokela ho etsa litokisetso tse loketseng ho keteka Sehopotso selemong sena ka Labohlano, la la 14 April, ka mor’a ho likela ha letsatsi. Le hoja e le ho lakatsehang hore phutheho ka ’ngoe e tšoare mokete oa eona oa Sehopotso, mohlomong sena se ke ke sa khoneha kamehla. Moo liphutheho tse ’maloa li sebelisang Holo ea ’Muso e le ’ngoe, mohlomong phutheho e le ’ngoe kapa tse eketsehileng li ka sebelisa sebaka se seng mantsiboeeng ao. Sehopotso ha sea lokela ho qala nako e se e ile hoo batho ba bacha ba thahasellang ba fumanang ho le thata ho ba teng. Ho phaella moo, kemiso ha ea lokela ho petetsana hoo ho se nang nako ka pele kapa ka mor’a mokete ho lumelisa baeti, etsang litokisetso tsa thuso ea moea tse tsoelang pele bakeng sa ba bang, kapa ho thabela ho khothatsana le bohle. Ka mor’a ho nahanela mabaka ’ohle ka botlalo, baholo ba lokela ho etsa qeto ea hore na ke litokisetso life tse tla ba molemo ho thusa ba tlang Sehopotsong ho rua molemo o feletseng ketsahalong ena.

◼ Ka Sontaha, la 23 April, 1995, puo e khethehileng ea phatlalatsa e tla neheloa liphuthehong tsohle. Sehlooho e tla ba “Bofelo ba Bolumeli ba Bohata bo Haufi.” Tiisa hore u mema bohle ba tla ba teng Sehopotsong selemong sena. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ho thusa liithuti tse limilione tseo re li khannelang lithuto tsa lehae tsa Bibele. Boitsebiso bo tla fanoa qetellong ea seboka letsatsing leo bo tla susumetsa liithuti tsena le baena ba rōna ka kakaretso ho lebella ho kopanela ho abeng pampitšana e khethehileng. Ka nako e tšoanang, e tla totobatsa mathata ao batho ka bomong ba tobanang le ’ona hammoho le tlhoko ea ho nka khato e tiileng tumellanong le Lentsoe la Molimo.

◼ Ho qala ka February, ’me eseng ka mor’a la 5 March, puo e ncha ea phatlalatsa ea balebeli oa potoloho e tla ba “Thuto ea Bomolimo E-ea Hlōla Lefatšeng Lohle.” Ena e tla ba nehelano ea liselaete e totobatsang Likopano tse khethehileng tsa machaba tsa “Thuto ea Bomolimo” tse ileng tsa tšoaroa selemong sa tšebeletso sa 1993 le 1994. Libakeng tseo liselaete li e-song ho fumanehe ho fihlela hamorao, molebeli oa potoloho o tla fana ka puo “Tšepa Molimo oa Matšeliso ’Ohle” ’me a tsoele pele ka eona ho fihlela liselaete li fumaneha. Ha liphutheho tsohle li fumane puo ea liselaete, molebeli oa potoloho o tla tsoela pele a fana ka puo “Tšepa Molimo oa Matšeliso ’Ohle” ho fihlela ha puo ea molebeli oa potoloho e latelang e kemisong e qala mathoasong a 1996.

◼ Sebokeng sa Tšebeletso sa beke ea la 9 January, bahoeletsi bohle ba kolobelitsoeng ba teng ba tla fuoa kopi ea botho ea likarete tsa Advance Medical Directive/Release le Identity Card bakeng sa bana ba bona.

◼ La 1 April, 1995 e tla ba Letsatsi la rōna la Limakasine le khethehileng la selemo le selemo. Nakong e fetileng ba bangata ba ’nile ba thabela ho kopanela mosebetsing oa Letsatsi la Limakasine le khethehileng. Ke hobane’ng ha u sa qale ho rera hona joale e le hore u ka kopanela ka ho feletseng selemo sena? Liphutheho li lokela ho romela liodoro tse khethehileng tsa limakasine kapele-pele kamoo ho ka khonehang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela