Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/95 leq. 3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 2/95 leq. 3

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla sebelisoa ka February: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R10,50. Libuka tse nyenyane ke R5,30. March: Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! ka monehelo oa R10,50. April le May: Peeletso ea Molula-Qhooa ka monehelo oa R30,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Peeletso ea selemo se le seng ea likhatiso tse tsoang hang ka khoeli kapa peeletso ea likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R15,00. Lipeeletso tsa Club ke R19,00 le R9,50 ka tatellano.

◼ Mongoli le molebeli oa tšebeletso ba lokela ho hlahloba mosebetsi oa bo-pula-maliboho bohle ba kamehla. Haeba leha e le bafe ba e-na le bothata ba ho finyella lihora tse hlokahalang, baholo ba lokela ho lokisetsa hore ho fanoe ka thuso. Bakeng sa litlhahiso, hlahlobang mangolo a Mokhatlo (S-201) la la 1 October, 1993, le la 1 October, 1994. Hape, bonang lirapa tsa 12-20 tsa kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea August 1986.

◼ Mokete oa Sehopotso o tla ba ka Labohlano, la la 14 April, 1995. Le hoja puo e ka ’na ea qalisa pejana, ka kōpo hopolang hore ho fetisoa ha bohobe le veine tsa Sehopotso ha hoa lokela ho qala pele letsatsi le likela. Hlahlobang mehloling ea sebaka sa lōna ho tseba hore na letsatsi le likela neng tulong ea lōna. Ha ho liboka tse lokelang ho tšoaroa letsatsing leo ntle le liboka tsa tšebeletso ea tšimo. Haeba ka tloaelo phutheho ea lōna e tšoara liboka ka Labohlano, le ka rata ho li fetisetsa letsatsing le leng la beke haeba Holo ea ’Muso e fumaneha.

◼ Qetellong ea liboka tsa phutheho haesita le kopano ea potoloho le mananeo a kopano ea letsatsi le khethehileng ka la 23 April, 1995, ho tla etsoa tsebiso mabapi le mosebetsi o khethehileng o tla ntšetsoa pele ka ho abuoa ka bongata ha pampitšana e maqephe a mane e nang le molaetsa o nakong. Bahoeletsi ba tla khothalletsoa ho lebisa tlhokomelo e khethehileng ho batho ba tšepahalang ba nahanang ka ho teba ka mathata a qakang a ba tobileng ’me ba batla tataiso e ka tšeptjoang. Mohoeletsi e mong le e mong, ho akarelletsa le ba bacha ba tla qala tšebeletso ea tšimo ka March, April, le May, ba tla batla ho kopanela ka botlalo ’me ba tšehetse phutuho ena e khethehileng.

◼ Bahoeletsi ba lakatsang ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang ka March, April, le May ba lokela ho etsa litokisetso hona joale le ho tlisa liforomo tsa kōpo nako esale teng. Sena se tla thusa baholo ho etsa litokisetso tse hlokahalang tsa tšebeletso ea tšimo le hore ho be le libuka tse lekaneng.

◼ Mabokose a monehelo Holong ea ’Muso a lokela ho tšoauoa ka ho hlakileng. Ha le etsa menehelo, tiisang hore e tšetsoe ka har’a mabokose a nepahetseng a ngotsoeng “Letlōle la Mohaho oa Lekala,” “Letlōle la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso,” le “Menehelo ea Phutheho.” Baholo ba ka ’na ba ho fumana ho le molemo ho etsa tsebiso haeba ho hlokahala tabeng ena. Menehelo e tšetsoeng ka mabokoseng a sa tšoaneng ha e-ea lokela ho isoa sebakeng se seng. Ke boikarabelo ba motho ka mong ho bolela morero oa monehelo oa hae ka ho o tšela ka lebokoseng le loketseng la monehelo. Matšoao a ka odoroa ho Mokhatlo.

◼ Re thabela ho etsa tsebiso ea hore lik’hasete tse robeli tsa Kingdom Melodies joale li fumaneha ka har’a albamo. Theko ea tsona bakeng sa phutheho le batho bohle ke R68,00, ’me bakeng sa bo-pula-maliboho ke R55,00. Liphutheho li lokela ho lokisa Cost List ea tsona tumellanong le sena. Le ntse le ka odora lik’hasete li le thōko le albamo e se nang letho.

◼ Lenaneo la GetVerse, le ileng la tsebisoa ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 1994, joale le fumaneha le ho diskette ea 3 1/2-inch 720-kilobyte. Theko bakeng sa phutheho, batho bohle, le bo-pula-maliboho ke R12,00.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odora 1995 Yearbook of Jehovah’s Witnesses hammoho le odoro ea tsona ea libuka ea February. Joale 1995 Yearbook e tla fumaneha ka Sefora, Segerike, Senyesemane, Sepotoketsi, Setaliana, le Sezulu. Li-yearbook ke lintho tsa setoko se laoloang ’me li tla lefisoa molatong oa libuka ka R5,60 e le ’ngoe. Bo-pula-maliboho ba bileng lenaneng ka nako e fetang likhoeli tse tšeletseng ba ka fumana kopi ea mahala eo phutheho e ka batlang phokoletso bakeng sa eona. Bo-pula-maliboho ba ka iphumanela likopi tse eketsehileng ka R3,70 e le ’ngoe.

◼ Likhatiso tse Ncha tse Fumanehang:

Seafrikanse: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa (phutheho le batho bohle: R1,00; bo-pula-maliboho: R0,70). Searabia: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Sechaena: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Sechicheŵa: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Secibemba: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Secroatia: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Sedutch: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Sefora: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Segerike: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Sehungari: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Sejeremane: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Senyesemane: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Sepedi: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Sepolish: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Sepotoketsi: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Seromania: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Serussia: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Seserbia: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Seshona: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Sesotho: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Seswahili: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Setaliana: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Setsonga: Ho Kopana Borapeling ba Molimo o le Mong oa ’Nete (phutheho le batho bohle: R3,50; bo-pula-maliboho: R2,65); Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Setswana: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Sevenda: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Sexhosa: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Sezulu: 1995 Yearbook of Jehovah’s Witnesses (phutheho le batho bohle: R5,60; bo-pula-maliboho: R3,70); Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela