Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla sebelisoa ka March: Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! ka monehelo oa R10,50. April le May: Peeletso ea Molula-Qhooa ka monehelo oa R30,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Peeletso ea selemo se le seng ea likhatiso tse tsoang hang ka khoeli kapa peeletso ea likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R15,00. Lipeeletso tsa club ke R19,00 le R9,50 ka tatellano. June: Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? ka monehelo oa R3,50.
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba tlaleho ea lichelete ea phutheho ka la 1 March kapa kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a moo. Etsa tsebiso phuthehong ha sena se entsoe.
◼ Molula-Qhooa oa November 1, 1994, leqepheng la 28, o ile oa khothaletsa lelapa le leng le le leng ho ba le laebrari ea lona ea puso ea Molimo. Re na le meqolo e latelang ea khale Bethele: The Watchtower: 1960-93; Awake!: 1984, 1986, 1989-93. Leha ho le joalo, hang ha setoko se leng teng se ka fela, meqolo ena e ke ke ea hlola e fumaneha. Kahoo re khothaletsa batho le liphutheho ho odora meqolo eo ba e hlokang e le hore ba ka ba le laebrari e feletseng kamoo ho ka khonehang. Meqolo ea nakong e tlang e tla fumaneha hang ha e hatisitsoe.
◼ Tumellanong le Litaelo tsa Lethathamo la Litheko, leqepheng la 11, serapeng sa 50, re hopotsa liphutheho tsohle ho lokollela bahoeletsi limakasine ka tatellano ea letsatsi la tokollo, hang ha li fihla.
◼ Likhatiso Tse Ncha Tse Fumanehang:
Seafrikanse: New World Translation of the Christian Greek Scriptures (phutheho le batho bohle: R5,60; bo-pula-maliboho: R3,70). Sezulu: New World Translation of the Christian Greek Scriptures.
◼ Lik’hasete Tse Ncha Tsa Video Tse Fumanehang:
Senyesemane Bakeng sa Lithōlō: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng (K’hasete ea video No. 1; phutheho le batho bohle: R52,00; bo-pula-maliboho: R45,00). Qetellong buka ena e tla ba le lik’hasete tsa video tse 11. Li tla thathamisoa ka ho fapaneng ha li ntse li e-ba teng.