Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Tlhahlobo ea buka e koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa la 1 May ho ea ho la 21 August, 1995. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang nakong e lekanyelitsoeng.
[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]
Araba potso ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:
1. Borapeli ba Molimo ke taba ea botho ’me ho hang ha boa itšetleha ka kamano ea rōna le ba bang. (1 Joh. 4:20) [uw-SU leq. 134 ser. 7]
2. Keletso ea sehlopha se busang ho Bakreste ba Balichaba hore ba tele borapeli ba litšoantšo, mali, le bohlola e ne e thehiloe Molaong oa Moshe. (Lik. 15:28, 29) [uw-SU leq. 149 ser. 8]
3. Qalong, Molao oa Moshe o ne o tlama moloko oohle oa batho. (Pes. 147:19, 20) [uw-SU leq. 147 ser. 5]
4. Khaolo ea 53 ea Esaia, e ngotsoeng lilemong tse ka bang 700 pele ho tsoalo ea Kreste, e tšoana le tlaleho e hlakileng ea paki e boneng ka mahlo e hlalosang Jesu Kreste le tsela eo a ileng a tšoaroa ka eona. [si-SU leq. 119 ser. 8]
5. Moena Russell o ile a ikutloa a soetsehile haholo ha a sa isoa leholimong ka 1914. [jv-SU leq. 62 ser. 3]
6. Ha ho mohloli oa lefatše o ka tšoanang le keletso e ka tšeptjoang eo Bibele e fanang ka eona litabeng tsa lelapa. [uw-SU leq. 144 ser. 11]
7. Buka ea Liproverbia e fihla khubung ea mathata a rōna ha e fana ka keletso ea hore re tšepe Molimo ka ho feletseng. [si-SU leq. 111 ser. 35]
8. Kopanong e neng e tšoaretsoe Washington, D.C., ka 1935, ho ile ha boleloa ka ho hlaka hore ha ho hlokahale hore Bajonadabe ba kajeno ba bonahatse botšepehi bo lekanang ho Jehova ho tšoana le batlotsuoa. [jv-SU leq. 83 ser. 5, leq. 84 ser. 1]
9. Ha ho hlaha mathata lenyalong, Mokreste oa ’nete a ke ke a itšoarella mefokolong ea molekane oa hae e le hore a hlokomolohe boikarabelo ba hae. [uw-SU maq. 140-1 lir. 4, 5]
10. Polelo ea Salomone bukeng ea Moeklesia hore ntho tsohle ke lefeela e kopanyelletsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho sa khethoe. [si-SU leq. 114 ser. 15]
Araba lipotso tse latelang:
11. Moena Russell le metsoalle ea hae ba ile ba qalisa morero ofe o pharalletseng oa thuto o tsoetseng pele ka 1912? [jv-SU leq. 59 ser. 5, leq. 60 mongolo o botlaaseng ba leqephe]
12. Liteko tse ileng tsa tlela Liithuti tsa Bibele ho tloha ka 1914 ho ea ho 1918 li ile tsa senola eng? [jv-SU leq. 61 ser. 1]
13. Ke sehlohlolo sefe se ileng sa finyelloa kopanong e neng e tšoaretsoe Columbus, Ohio, ka 1931? (Esa. 43:12) [jv-SU leq. 79 ser. 4, leq. 82 ser. 2]
14. Ke temohisiso efe ea Mangolo e ileng ea senoloa ka 1942 puong e reng “Khotso—Na e ka Tšoarella?,” hona ke hobane’ng ha sehlooho sa puo ena se ne se susumetsa hakaale? [jv-SU leq. 93 ser. 2]
15. Ka 1943, liphutheho li ile tsa khothalletsoa ho qala sekolo sefe se secha, e leng ho ileng ha fella ka eng? [jv-SU leq. 94 lir. 2, 3]
16. Ho phaella ho tšelo ea mali, bolela litsela tse ling tse tharo tseo ka tsona motho a ka bang le molato oa mali pel’a Molimo. [uw-SU maq. 155-6 lir. 3-6]
17. Tumellanong le Liproverbia 1:2-4, buka ea Liproverbia e totobatsa eng? [si-SU leq. 109 ser. 19]
18. Bolela lintho tse peli tse fetisang molumo tseo Mokhatlo o ileng oa li sebelisa haholo lilemong tsa bo-1920 le bo-1930 ho bolela litaba tse molemo. [jv-SU maq. 80-1, 87]
19. Sehlopha sa pele sa Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso se qalile neng, hona morero oa sona e ne e le ofe? [jv-SU leq. 102 ser. 3]
20. Ke lithuto life tse sebetsang tse rutoang ho Sefela sa Lifela se setle? [si-SU leq. 117 ser. 16]
Fana ka lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetella polelo ka ’ngoe ho tse latelang:
21. Moena Russell o ile a qeta tsela ea hae ea bophelo lefatšeng ka la 31 October, 1916, ’me ․․․․․․․ e bile mopresidente ea latelang oa Mokhatlo. [jv-SU leq. 63 ser. 4, leq. 65 ser. 2]
22. Ka 1917 le ka 1918, Liithuti tsa Bibele li ile tsa aba buka ea “․․․․․․․,” ka matla, ’me ka lebaka la khanyetso e hlohlellelitsoeng ke baruti, Moena Rutherford le metsoalle e supileng ba ile ba iphumana ba le ․․․․․․․ ea Atlanta, Georgia. [jv-SU leq. 69 ser. 3, leq. 70 ser. 1]
23. Lengolong le ileng la balloa baena ba neng ba bokane sebokeng sa selemo le selemo sa Mokhatlo oa Watch Tower ka 1919, Moena Rutherford o ile a ngola a le teronkong hore “libetsa tse ka sehloohong tsa Satane ke _․․․․․․․, ․․․․․․․, le ․․․․․․․.” [jv-SU leq. 72 ser. 3, leq. 73 ser. 7]
24. Ka 1922 kopanong ea machaba Cedar Point, Ohio, Moena Rutherford o ile a re: “Lefatše le tlameha ho tseba hore Jehova ke Molimo le hore Jesu Kreste ke Morena oa marena . . . Ka hona․․․․․․․, le ․․․․․․․ oa hae.” [jv-SU leq. 72 ser. 1]
25. Moena Rutherford o ile a qeta tsela ea hae ea bophelo lefatšeng ka la 8 January, 1942, ’me matsatsi a mahlano hamorao, Moena ․․․․․․․ e bile mopresidente oa Mokhatlo. [jv-SU leq. 89 ser. 3, leq. 90 ser. 3]
Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:
26. Sekolo sa Gileade sa baromuoa se thehiloe ka (1919; 1935; 1943). [jv-SU leq. 95 ser. 2]
27. New World Translation of the Christian Greek Scriptures e lokolotsoe ka lekhetlo la pele ka (1946; 1950; 1953), ’me ho eona lebitso la Molimo, Jehova, le ne le khutliselitsoe ka makhetlo a (154; 193; 237). [jv-SU leq. 99 ser. 2]
28. Bopaki ba hore Salomone o ngotse Moeklesia bo ka bonoa tabeng ea hore (lebitso la hae le hlahella ho pholletsa le buka; bangoli ba libuka tse ling tsa Bibele ba re ke eena mongoli; buka ka boeona e tiisa hore Salomone ke mongoli le hoja e sa ’molele ka lebitso). [si-SU leq. 112 ser. 4]
29. Ka 1932 ho ile ha hlalosoa hore Jehonadabe (Jonadabe), motsoalle oa Morena Jehu, o ne a tšoantšetsa esale pele sehlopha sa batho (ba neng ba tla etsa sehlopha se tlaasana sa leholimo; ba neng ba tla thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng; ba neng ba ke ke ba emela ’nete ka tieo). [jv-SU leq. 83 ser. 3]
30. Sefela sa Lifela se totobatsa (karolo ea Salomone e le morena; maruo a maholo a Salomone; botšepehi ba ngoanana oa mahaeng ho moshanyana oa molisa). [si-SU leq. 115 ser. 2]
Bapisa mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:
Liprov. 22:3; Moek. 7:21, 22; Esa. 13:19, 20; Matt. 5:23, 24; Ba-Kol. 3:18-20, 23, 24
31. Le hoja ka mohlolo Jehova a sa sireletse batho ba hae likotsing, lintoeng tsa lehae, kapa tlōlong ea molao, ho sebelisa bohlale bo sebetsang bo thehiloeng Bibeleng ho ka ba molemo. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w92-SU 1/1 leq. 17 ser. 23.]
32. Ho na le lebaka le utloahalang la hore le ka mohla re se belaele hore boprofeta bo bululetsoeng bo tla phethahala. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; w93-SU bona 5/15 leq. 6.]
33. Mokreste oa ’nete o nka bohato ba pele ho khothalletsa hore ho be le likamano tsa khotso le baena ba hae. [uw-SU leq. 135 ser. 10]
34. Tsoelo-pele likamanong tsa lelapa ha e tle ka ho emela motho e mong hore e be eena ea etsang ho hong, empa ka hore e mong le e mong a phethe karolo ea hae hantle, kahoo a bontša hore o sebelisa boinehelo ba bomolimo lapeng. [uw-SU leq. 143 ser. 10]
35. U se ke ua lebella phetheho ka ho sa utloahaleng ho uena kapa likamanong tsa hao le batho ba bang ba sa phethahalang. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w90-SU 3/1 leq. 8.]