Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/95 leq. 3
  • Bethele e Hloka Tšehetso ea Lōna e Tsoelang Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bethele e Hloka Tšehetso ea Lōna e Tsoelang Pele
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 11/95 leq. 3

Bethele e Hloka Tšehetso ea Lōna e Tsoelang Pele

1 E ne e le ka selemo sa 1910. Moena Russell o ile a laela Will Johnston hore a bule ofisi ea lekala e nang le motho a le mong School Lane, Durban. A sebelisa kamore e le ’ngoe e nyenyane, Moena Johnston o ne a hlokometse karolo eohle e ka boroa le boholo ba Afrika bohareng. Ka 1923 lekala le ile la fallisetsoa Cape Town moo baena ba ’maloa ba neng ba sebeletsa ka kamoreng e le ’ngoe e khōlō. Lilemo tse leshome hamorao ofisi ea lekala e ile ea fallisetsoa mehahong e meholoanyane, empa ho ntse ho le joalo e ne e hlile e se Lehae la Bethele. Joalokaha Moena Knorr a ile a ngola hamorao: “Basebetsi [ha] ba khone ho thabela bophelo ba lelapa hammoho joaloka makaleng a mang.”

2 Empa “letsatsi la taba tse nyenyane” le ne le sa lokela ho nyelisoa. (Zak. 4:10) Kajeno lelapa la rōna la Bethele mona Afrika Boroa le eketsehile ho feta batho ba 800! Empa leha ho le joalo, esita le ka lelapa lena le leholo la basebetsi ba baithaopi, ho ntse ho e-na le tlhokahalo e khōlō ea baithaopi ba eketsehileng. U ka ’na ua botsa, “Ke hobane’ng ha ho e-na le tlhokahalo ee e khōlō?”

3 Jehova o Potlakisa Mosebetsi: Ka mantsoe a bonolo feela, tlhokahalo ena e teng hobane Jehova a phethahalitse tšepiso ea hae ea hore o tla potlakisa mosebetsi oa ’Muso matsatsing ana a qetello. (Esa. 60:22) Sena ke ’nete, e seng feela Afrika Boroa, empa le linaheng tse ngata ho re potoloha. Ka lebaka leo, ho hlokahala mehaho e meholo ea makala linaheng tse ’maloa tse kang Mozambique, Mauritius, Madagascar, Kenya, Zimbabwe, Zaire esita le mona Afrika Boroa. Malawi le eona e tla qala ho haha mehaho e mecha ea lekala haufinyane. Ho phaella moo, ho hlokahala ho hahuoe liholo tsa likopano linaheng tse ’maloa tse ka holimo, hape le sehleke-hlekeng sa Reunion. Tsena kaofela li phaella Liholong tsa ’Muso tse ntseng li hahuoa hohle. E, Jehova o fela a potlakisa mosebetsi. ’Me lekala la rōna le ameha haholo katolosong ea makala a boletsoeng ka holimo.

4 Ka lebaka la khōlo ena eohle karolong ena ea lefatše, Sehlopha se Busang se re kōpile hore re be lekala le fepelang merero eohle ea kaho linaheng tsena tse boletsoeng ka holimo. Lebaka ke hobane thepa ea mohaho le lintho tse ling hangata ha li fumanehe linaheng tsena. Boholo ba thepa ea mohaho bakeng sa merero ena bo ka fumanoa feela mona Afrika Boroa. Ka lebaka leo, re ile ra tlameha ho theha mafapha a maholo bakeng sa ho hlokomela mosebetsi ona o eketsehileng o boima. Taba ea pele, thepa e lokela hore ho fumanoe theko ea eona ’me e rekoe. Lintho tse tlisitsoeng li lokela ho hlahlojoa ’me li bolokoe ho fihlela re fumane tumello ea hore re ka li romella ntle. Qetellong, thepa ena e romelloang e bokelloa hammoho, e etsetsoa lipampiri tsa bopaki e be e romelloa makaleng a mang. Boima ba mosebetsi bo boetse bo batla ho eketsehileng Lefapheng la rōna la Literaka. Hona joale re na le literaka tse khōlōhali tse hlano bakeng sa ho isa thepa ena e ngata ea mohaho makaleng ana, kapa ho e isa malibohong moo e tla tsamaisoa ka likepe.

5 Re boetse re etsa thepa e ngata e hlokahalang bakeng sa merero ena ea kaho. Ka mohlala, re etsa lifensetere tsa alominiamo le mamati a alominiamo, lik’habote tsa lepolanka, hammoho le lipeipi tsa sheet metal. Joalokaha le hlokomela, ona ke mosebetsi o moholohali ’me re lula re tšoarehile. Leha ho le joalo, re ho talima e le tokelo ho fepela makala ana a mang ka lintho tseo a li hlokang tsa mohaho.

6 Ho feta moo, Sehlopha se Busang se lokiselitse hore lekala la rōna le hatisetse makala a mangata a haufinyane limakasine. Hona joale re hatisa litokollo tse sa tšoaneng tse 32 tsa Molula-Qhooa le litokollo tse 18 tsa Tsoha! khoeli le khoeli. Ho tloha ka January 1996, re tla be re hatisa litokollo tse 34 tsa Molula-Qhooa khoeli le khoeli. Re boetse re hatisa libukana ka lipuo tse ngata, hammoho le liforomo tse hlokoang ke makala a sa tšoaneng Afrika e ka boroa.

7 Lekala la Rōna le Tsoela Pele!: Joale ho na le morero oa rōna oa kaho. La 6 April e ne e le letsatsi le thabisang lelapeng la Bethele ha ho ne ho qaloa ho luloa mohahong o mocha oa bolulo (oa 7). Empa o entse ho honyenyane ho fokotsa tšubuhlellano. Kahoo, e re re u bolelle hore na ke eng hape e sa ntsaneng e lokela ho etsoa mohahong.

8 Mosebetsi o se o qalile karolong e kopanyang Mehaho ea Bolulo, oa 7 le oa 8. Ho ea qetellong ea selemo re tšepa hore re tla be re qalile ho haha Mohaho oa bolulo oa 8 o tlang ho ba le likamore tse 64 hammoho le lintho tse ling. Ka nako e tšoanang re qalile ho atolosa mohaho oa liofisi e le hore re ka fana ka liofisi tse eketsehileng tse 77 tse hlokahalang haholo. Ho feta moo, mathoasong a 1996 re tšepa hore re tla qala mosebetsi oa ho atolosa ntlo ea ho jela le sebaka sa ho hlatsoetsa. Re lebelletse ho ba le ntlo ea ho jela eo ho eona ho ka lulang batho ba sekete. ’Me hoo hase phetho! Joalokaha e ka ’na eaba le hlokometse haeba le kile la tla bona Bethele morao tjena, ho boetse ho patisane ka lebaka la ho hloka sebaka mohahong oa rōna oa khatiso. Ka lebaka leo, re se re qalile ka lipolane tsa mohaho bakeng sa katoloso e tlang ho hlokomela keketseho nakong e tlang.

9 Ka lebaka la se boletsoeng ka holimo le ka bona ka ho hlakileng hore re na le mosebetsi o mongata o larileng kapele ho rōna. Potso eo re u memang hore u ke u e nahane ke ena: Na u ka re thusa? Ka kōpo re lumelle hore re lokolise litsela tseo uena ka bouena u ka thusang ho tsona bakeng sa ho hlokomela keketseho eo Jehova a fanang ka eona nakong ena.

10 “Sechaba sa Hao se Tla Ithaopa”: E, Jehova o ile a tšepisa ho Pesaleme ea 110:3 (BPN) hore “sechaba sa [hae] se tla ithaopa, mohla [a] futuhelang lira.” ’Me na hase sona seo re bonang batho ba Jehova ba se etsa? Hohle ba ithaopela ho sebeletsa lithahasello tsa ’Muso, ka cheseho ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Ho phaella moo, ba bang ba khona ho sebeletsa mahaeng a Bethele kapa ho sebetsa mererong ea kaho. Temana ena e tsoela pele ho bolela hore bahlankana e ne e tla ba ba khathollang joaloka “phōka” mosebetsing ona o moholohali. ’Me ho fela ho le joalo. Hona joale mona Bethele re na le bahlankana ba makholo ba ithaopetseng litšobotsi tse sa tšoaneng tsa tšebeletso ea Jehova—phetolelo, khatiso, mopheho, kaho le mesebetsi e meng e mengata. Ke mohloli oa khathollo ’me re ananela tšebeletso ea bona haholo. Na ho na le bahlankana ba bang ba ka iketsang ba fumanehang bakeng sa mosebetsi oa Jehova?

11 Joaloka mohlankana u ka ’na ua botsa: ‘Ho joang ho sebeletsa Bethele? Na ke tla khona ho tloaela?’ Bakeng sa ho arabela lipotso tsena le tse ling, e re re u bolelle hore na Bethele ho joang le hore na u ka lebella eng ha u e-tla ho tla re thusa.

12 Letsatsi le le Leng ‘Ntlong ea Molimo’: Lebitso Bethele (“Ntlo ea Molimo”) ke le loketseng ka ho fetisisa hobane e mong le e mong ea phelang Bethele ke mohlanka ea inehetseng oa Jehova. Moea oohle o fokang Bethele ke oa puso ea Molimo. Re qala letsatsi la rōna ka metsotso e 15 ea borapeli ba hoseng e leng nakong eo re mamelang puisano e hahang ea temana ea letsatsi ’me ebe re kopanela thapelong e tlohang botebong ba pelo. Re fumana hore ho tsepamisa mehopolo ea rōna ho Jehova le borapeling ba hae ke tsela e molemohali ea ho qala letsatsi.

13 Re na le litokisetso tse ling tse ngata tsa moea tseo e leng tsa bohlokoa ho rōna. Ka mohlala, re thabela thuto ea rōna ea lelapa haholo—Thuto ea Molula-Qhooa e khethehileng ka Mantaha o mong le o mong mantsiboea. Litlhaloso tse lokiselitsoeng hantle ke sehlopha sa baholo le bahlanka ba sebeletsang ke tse khathollang le tse susumetsang moeeng. Ebe tsona li re hlomella ka lintlha tse babatsehang tseo re ka li abelanang le baena ka Sontaha se latelang liphuthehong tseo re abetsoeng ho tsona. Nako le nako re thabela puo e khethehileng e lokiselitsoeng ke Sehlopha se Busang ka ho khetheha bakeng sa litho tsa lelapa la Bethele lefatšeng ka bophara.

14 Mohloli o mong oa thabo le khatholoho ke ho kopanela ha rōna kamehla tšebeletsong ea tšimo le liphutheho tseo re li abetsoeng. Bongata ba rōna re ne re le bo-pula-maliboho pele re e-tla Bethele, kahoo re thabela ho kopanela mekhoeng eohle ea tšebeletso ea tšimo mantsiboea har’a beke le mafelong a beke. Karolo ena ea tšebeletso ea rōna e halalelang e re thusa ho lula re hopotse ka ho hlakileng bohlokoa ba mosebetsi oo re o etsang Bethele.

15 Hape kamehla re ba le baeti ba tsoang makaleng a mang, kapa ba tsoang Brooklyn, ba re arolelang liphihlelo tse thahasellisang le litlaleho tse tsoang lefatšeng lohle. Ka mohlala, re sa tsoa thabela tlaleho e khothatsang ka tsoelo-pele e ntle ea mosebetsi Malawi. Rea tiisa hore le tla lumela hore, ka lebaka la litokisetso tsena tsa moea tseo ho seng tse lekanang le tsona, ha ho na sebaka se molemo ho feta sena hore mohlankana a ka hla a tsoela pele moeeng.—1 Tim. 4:15.

16 Ho phaella tsoelo-peleng ea moea, baena ba rutoa mekhoa e metle ea mosebetsi. Re lula re koetlisa baena mesebetsing e mengata e molemo e tlang ho ba beha boemong bo botle bophelong bohle ba bona. Ka mohlala, re na le lenaneo le khethehileng la koetliso bakeng sa baena ba bacha mohahong hore ba tšoanelehele mesebetsi e sa tšoaneng e kang ho penta le ho sebetsana le lipompo tsa metsi. Ba bang ba Bahlanka ba rōna ba Machaba ba rutile bahlankana ba bangata ba rōna ho ba litsebi mafapheng a bona a sa tšoaneng.

17 Leha ho le joalo, bophelo Bethele ha bo bolele hore ke ‘mosebetsi feela ’me ha ho papali.’ Mokhatlo ka lerato le leholo o entse tokisetso bakeng sa boithabiso le boikoetliso bo molemo. ’Me baena ba rōna ba bacha Bethele ba ithuta ho hlaolela ho leka-lekana ho hotle—le hoja lithahasello tsa ’Muso li e-tla pele, ba tseba mokhoa oa ho ithabisa ka tsela e molemo. Mamela hore na ba bang ba bona ba re’ng:

18 E mong oa litho tsa rōna tse ncha ea tsoang Cape Town o-oa hopola: “Ka sebele e ne e le ntho e khothatsang ha setho se seng le se seng sa Komiti ea Lekala se re amohela ka mofuthu Bethele. E mong oa litho tsa Komiti ea Lekala o ile a hopola ha a ne a bona lifoto tsa rōna liforomong tsa rōna tsa kōpo, ’me a re: ‘Joale ke tokelo ho kopana le lōna re talimane.’ O ile etsa hore re ikutloe re phutholohile ’me ka mofuthu a re khothalletsa hore re etse Bethele mosebetsi oa rōna oa nako e tletseng. Ka sebele ke ile ka ikutloa ke le motlōtlō ka mor’a moo!”

19 Moena e mong oa Lepotoketsi o ile a hlalosa: “Ho tla Bethele ke bohato bo bohlale ka ho fetisisa boo nkileng ka bo nka bophelong ba ka—ka ho hlakileng ka ntle le ba ho kolobetsoa. Pele ke fihla ke ne ke tšohile ’me ke sa tsebe hore na ke lebelle eng. Empa hona joale ke hōla moeeng. Hape e bile tokelo e khōlō ho kopana le batho ba tsoang linaheng le limelong tse sa tšoaneng, le ho mamela litlaleho le liphihlelo. Ke boetse ke thabela nako ea ka ea botho ho feta pele. Ke ’nile ka ananela ho sebelisa libaka tsa ho besetsa nama tse botleng, ho khatholoha ka sauna, kapa ho sebelisa laebrari ea rōna e babatsehang.”

20 Moena e mong ea bileng Bethele ka lilemo tse tšeletseng o-oa pheta: “Ba bang ba rōna, re rata ho qetella beke eo re neng re phathahane re sebeletsa Jehova ka ho tsamaea re hloa thaba ho potela ka morao ho setša sa rōna sa Bethele, kapa ka ho sesa ho khathollang letamong la ho sesa.”

21 Moena e mong ea lilemo li 27 o ile a re: “Ho ’na, batho ke bona Bethele. Ke rata ho ba karolo ea sehlopha se thabileng sa batho bao kaofela ba sebeletsang Molimo a le mong ’me kaofela ba sebetsa hammoho bakeng sa morero o le mong. Le hoja re lula re phathahane kemisong ea rōna, rea ratana le ho hlokomelana joaloka metsoalle le joaloka lelapa.”

22 E, tokelo e ikhethang eo re e nkang e le ea bohlokoa Bethele ke botsoalle ba rōna ba puso ea Molimo. Letsatsi lohle re thabela botsoalle ba baena le bo-khaitseli ba rōna ba inehetseng. Re thaba hakaakang hore ebe ha re sebetse haufi-ufi kamehla le batho ba lefatše, joalokaha ba bangata ho lōna ba etsa joalo boholo ba nako. Rea utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba bangata ho lōna le ’nile la bontša takatso ea ho sebetsa tikolohong e tšoanang le eo re thabelang ho ba ho eona mona Bethele letsatsi le leng le le leng. Ha ho pelaelo, moea oa rōna Bethele o kolekela khōlong e tsitsitseng ea moea.

23 Leha ho le joalo, hoo ho hlahisa potso: Ho thoe’ng ka bo-khaitseli ba bacha ba tlang Bethele? Hona joale re na le palo e itseng ea bo-khaitseli ba bacha ’me re ananela ka ho teba mosebetsi oo ba o etsang. Leha ho le joalo, kaha boholo ba mosebetsi ke o boima, re ke ke ra sebelisa bo-khaitseli ba eketsehileng motsotsong ona. Ho e-na le hoo, re kōpa bo-khaitseli ba rōna ba bacha ba chesehang hore ba koale sekheo maemong a bopula-maliboho se bakiloeng ke palo e batlang e le khōlō ea baena ba bacha ba bitselitsoeng Bethele.

24 Ho Hlokoa Basebetsi ba Nang le Tsebo: Ho phaella ho bahlankana bao re ba koetlisang, re hloka baena ba bangata ba nang le tsebo ho tla re thusa. Sena se sebetsa mafapheng a sa tšoaneng Bethele—lehaeng, khatisong le haholo-holo mohahong. Re boetse re hloka baena ba hōlileng ba ’maloa—baholo le bahlanka ba sebeletsang—ba tšoanelehang ho etella pele ka mosebetsi oa lepolanka oa ho etsa liforomo ka lona le ka ho le sebelisa ka tlung, mosebetsi oa setene, ho emisa litšepe, le ho thusa ho ruta bahlankana bana. Selemong se fetileng baena ba joalo ba ’maloa ba sa luleng Bethele e bile thuso e khōlō mohahong. Ba bang ho bona ba fane ka litšebeletso tsa bona motheong oa kamehla ’me hona joale ke karolo ea thimi ea rōna ea kamehla. Ba bang ba nang le boikarabelo ba malapa ba ’nile ba khona ho tla re thusa ka beke kapa tse peli, kapa esita le ka khoeli ka nako e ’ngoe. Litsebi tsa lipolane li etsa tlatsetso ea bohlokoa lenaneong la rōna la mohaho. Ka hona re mema bohle ba nang le tsebo mosebetsing leha e le ofe o amanang le mohaho hore na ba ka nahanela ho ithaopa ka beke kapa tse peli, kapa ho feta. Ke hobane’ng ha u sa etse qeto hona joale hore na u tla tla neng ho tla re thusa?

25 Ba iketsang ba fumanehang ka sebele ba tla thabela nako e khathollang ea moea mona Bethele. Moena e mong ea tsoang Eastern Cape o ile a hlalosa: “Ke ile ka sebetsa mona khoeli, ’me ke ithutile ho hongata. E seng feela ka mosebetsi, empa hape le boitšoarong, ho khomarela melao-motheo e lokileng haufi-ufi, ho ba ea hlophisehileng le ho tsoela pele moeeng. Sena se nthabisitse haholo!” Moena e mong e mocha ea tsoang Durban o ile a hlokomela: “Le hoja ke le hōle le hae ka lik’hilomithara tse 600, lōna baena le likhaitseli le nketselitse sena lehae le hōle le hae.” Banyalani ba bang ba tsoang U.S.A. ba ile ba ngola: “Karete ena e ke ke ea hlalosa maikutlo a rōna a ’nete. Ka sebele re ikutloa re hlohonolofalitsoe hore re khone ho sebetsa morerong ona, ho bona matla a moea oa Jehova a sebetsa, ho latsoa lerato le bonngoe. Ke tlhohonolofatso e kaakang ho ba karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova!” Banyalani ba bang ba ile ba ho akaretsa ka tsela ena: “Ke ho latsoa Paradeise esale pele!”

26 Ka hona, re atolosetsa memo e tlohang botebong ba pelo ho bohle ba tšoanelehang hore ba tle ’me ba tl’o kopanela le rōna thabong ea keketseho ena ea ’Muso. Re lebelletse hore morero oa rōna oa ho haha o tla tsoela pele ka lilemo tse ling tse ’nè. Empa hona joale, ha le ntse le nahana taba ena ka ho teba le ka thapelo, e ka ’na eaba lea ipotsa:

27 Ke Bo-mang ba Tšoanelehang?: Moena ofe kapa ofe ea inehetseng, ea kolobelitsoeng a ka etsa kōpo bakeng sa tšebeletso ea Bethele haeba lilemo tsa hae li le pakeng tsa 19 le 35, kapa bakeng sa mohaho haeba lilemo tsa hae li le pakeng tsa 19 le 55. Har’a lintho tse ling, o lokela a be a phela hantle ’meleng hape o lokela ho ba matla moeeng. Haeba u ka ithaopa mehleng ena eo Jehova a potlakisang mosebetsi, re kōpa hore u ngole ’me u kōpe foromo ea kōpo. Bolela ka ho hlaka hore na u etsa kōpo bakeng sa tšebeletso efe: Tšebeletso ea Bethele kapa mohaho. Ha e le hantle, re lelapa le le leng la Bethele le kopaneng le thabileng. Kahoo u ka ’na ua etsa qeto ea ho etsa kōpo bakeng sa Bethele le Mohaho, ebe joale u siela Mokhatlo hore e be oona o u abelang moo u tla hlokahala teng haholo.

28 Leha ho le joalo, ka mor’a ho nahanisisa ka hloko, ka masoabi u ka ’na ua hlokomela hore u ke ke ua khona ho etsa kōpo ea Bethele motsotsong ona. Haeba ho joalo, na ho na le tsela e ’ngoe eo u ka thusang ka eona ho hlokomela keketseho e khōlō eo Jehova a fanang ka eona hona joale Afrika e ka boroa? E, ka sebele e teng, joalokaha re tla hlalosa.

29 Tšehetso ea Liphutheho Tse Haufi Mafelong a Beke: Hore re tle re be nakong le kemiso ea rōna ea mosebetsi re sebetsa mohahong Moqebelo o mong le o mong oa bobeli. Ka hona, mafelong a beke re itšetlehile haholo ka tšehetso ea liphutheho tse haufi. Re hopola ka kananelo hore tšehetso ea lōna mafelong a beke morerong oa pele e ne e le e ikhethang. E ile ea e-ba thuso e khōlō hore mosebetsi o phethoe ka nako. Le ka morero ona, re tla ba le mosebetsi o mongata bakeng sa mafelo a beke ’me re tla ananela tšehetso eohle eo re ka e fumanang.

30 Ke hobane’ng ha u sa etse hore morero oo e be oa lelapa? U ka ’na ua botsa: “Ho thoe’ng ka bana ba rōna?” Ka lebaka la tšireletso le maemo a mang, leano la rōna ke ho sebelisa feela ba lilemo li 19 le ho feta mohahong ka booona. Leha ho le joalo, litho tse nyenyane tsa lelapa la hao li ka ba le molemo ka litsela tse ling. Bana ba lilemo li pakeng tsa 12 le 15 e ka ba thuso e khōlō tokisong ea serapa, hafeela ba e-na le e mong oa batsoali ba bona. Batho ba bacha ba lilemo tse pakeng tsa 16 le 18 baa amoheloa hore ba ka sebetsa tokisong ea serapa ka ntle ho tataiso ea batsoali, ebang ba etsa joalo ba le tlas’a bolebeli ba e mong oa balebeli ba rōna ba tokiso ea serapa. Re masoabi hore e be ha re na tokisetso bakeng sa bana ba ka tlaase ho lilemo tse 12 hore ba tl’o sebetsa mona Bethele. Kahoo, re khothaletsa malapa hore a etse tokisetso bakeng sa bao ba banyenyane hore ba hlokomeloe ba le hae hore ho lokolloe ba bangata kamoo ho ka khonehang hore ba tle Bethele Moqebelong oo phutheho ea heno e tlileng ho tla sebetsa ka oona. Baena ba bang ba entse kōpo ea ho tla sebetsa mona Moqebelo o le mong ka khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, ’me ka tsela eo ba khonne ho etsa tšebeletso ea bohlokoa kabelong ea mosebetsi ea kamehla.

31 Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na re lula haufi le Bethele kapa hōle le eona, ho na le ho hong hoo bohle re ka ho etsang keketsehong ena ea lithahasello tsa ’Muso.

32 Ho Tšehetsa Merero ea Kaho ea Puso ea Molimo ka Chelete: Baeti ba bonang merero ea rōna ea kaho hangata baa botsa: “Merero ea kaho ea Mokhatlo e tšehetsoa joang ka lichelete?” Hantle-ntle, merero ea kaho e ne e tšehetsoa joang ka lichelete Iseraele? Karabelo ke ena: Ke batho feela bao lipelo tsa bona li ileng tsa ba susumelletsa ho tšehetsa borapeli ba Jehova. Nahana ka sechaba sa Iseraele lefeelleng ha tabernakele e ne e lokela ho hahuoa. Ho ne ho se na le ea mong ea hiriloeng. Ba ne ba se na tsela ea ho nkela ntho leha e le efe eo ba faneng ka eona sebaka bakeng sa ho hahuoa ha tabernakele. Empa, ba ile ba ikutloa joang ka morero oo? Tlaleho ea Bibele e ho Exoda 35:21 (NW) e re: “Eaba baa tla, e mong le e mong eo pelo ea hae e mo susumellelitseng le e mong le e mong eo moea oa hae o mo susumellelitseng, ’me ba tlisa, monehelo oa Jehova bakeng sa tente ea liboka.” Temana ea 22 e bontša hore ba ile ba tlisa lintho tse ke keng tsa nkeloa sebaka tsa khauta le silevera hobane ba ne ba e-na le “pelo tse ithatetseng.” Qetellong ba tlisa ‘ho fetang tekano,’ ho ileng ha etsa hore Moshe a ntše taelo e le hore batho ba ka “thibeloa.”—Ex. 36:4-7.

33 Hamorao, ha ba se ba tsitsitse Naheng e Tšepisitsoeng tempele e ile ea tlameha ho hahuoa. Nakong ena sechaba se ne se se se lutse hantle ’me se atleha. Joale ba ne ba tla ikutloa joang ka ho tšehetsa mohaho oa tempele eo e theko e boima? Ba ile ba bontša moea o tšoanang oa “pelo tse ithatetseng” o neng o ile oa totobala lefeelleng. Likronike tsa Pele khaolo ea 29 e bolela kamoo morena le mahosana ba ileng ba fana ka khauta le silevera e ngata kateng. Batho ba bang le bona ba ile ba fana ka pelo e thabileng. Temana ea 9 e re “sechaba sa thabela tseo bao ba li ntšitseng ka ho rata; hobane efela e ne e le ka pelo eohle ba neng ba neela Jehova limpho tsa bona tsa ho rata.” Lipelo tsa bona li ile tsa ba susumetsa hape. Ba ne ba rata ho tšehetsa borapeli ba ’nete ho tloha pelong, ’me ho fana ho joalo ho ile ha ba thabisa haholo.

34 Moea o tšoanang o ile oa boleloa ke Jesu mabapi le mohlolohali ea ileng a tšela monehelo ka letloleng la tempele. Le hoja monehelo oa hae o ne o hlile o le monyenyane, pelo ea hae e ile ea mo susumelletsa ho fana ka “hohle hoo a neng a phela ka hona.” (Luka 21:1-4) Jesu o itse ba bang ba fane ho tlalloeng ha bona. Ho bona e ne e se boitelo; ha hoa ka ha hlokahala hore ba itime ho hong e le hore ba fane. Empa pelo ea mohlolohali enoa e ile ea mo susumelletsa ho fana ka sohle seo a nang le sona. E le pontšo ea boinehelo ba boitelo, monehelo oa hae e ne e le oa bohlokoa ka ho fetisisa mahlong a Jehova.

35 Ho Fana ka “Pelo Tse Ithatetseng” Mehleng ea Kajeno: Ha ho tluoa tabeng ea ho tšehetsa ho ntšetsoa pele ha borapeli ba ’nete kajeno, ba bangata ba tšoana le Baiseraele bao lipelo tsa bona li ileng tsa ba susumetsa. Ba bonahatsa moea o tšoanang le oa mohlolohali ea ileng a fana ka ‘seo a se nkileng bofumanehing ba hae.’ Rea hlokomela hore ba bangata ba fana ho tloha pelong—e seng feela ho fana ka lebaka la ho tlalloa. Ho ba bangata, ruri ho fana ha bona ke ha boitelo. Hangata ha ba itime feela lintho tse itseng tseo ba li batlang, empa ba itima le tseo ba li hlokang, e le hore ba ka tšehetsa mosebetsi oa Jehova. Re bontša teboho le kananelo ea rōna e tiileng bakeng sa ho fana ho joalo ho tlohang pelong. Ke ha re tlameha ho etsa boitelo ba sebele hore re fane, ha re tlameha ho itima lintho tse ling, moo ho amohelehang ka ho khethehileng ho Jehova. Jehova o “rata motho ea thabelang ho fana.”—2 Ba-Kor. 9:6, 7, An American Translation.

36 Ho bile le maemo a mangata moo baena ba rōna ba ’nileng ba ‘thabela ho fana,’ ’me ba ile ba makatsoa ke seo ba ka se finyellang ka tlhohonolofatso ea Jehova. Ka mohlala, mathoasong a bo-1980 lekala la Spain ho ile ha hlokahala hore le atolose mehaho ea lona. Le ile la kōpa hore na Sehlopha se Busang se ka le tšehetsa ka lichelete tse hlokahalang. Leha ho le joalo, ka lebaka la boitlamo bo bong ba lichelete bo boima ka nako eo, Mokhatlo o ne o sa khone ho fana ka thuso e joalo. Joale potso e ne e le hore: Na Lipaki tsa Spain, ka meputso ea tsona e batlang e le tlaase, li ka fana ka lichelete tse lekaneng bakeng sa morero o joalo?

37 Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo e-ea tlaleha: “Li ile tsa hlalosetsoa boemo. Ka thabo li ile tsa tlisa mabenyane a tsona, masale, le lipetja e le hore li ka rekisoa ’me ho fumanoe chelete. Ha Paki e ’ngoe e seng e hōlile e botsoa hore na e kholisehile hore e batla ho nehelana ka sepetja se nang le tekanyo e khōlō ea gauda seo e nehelaneng ka sona, e ile ea arabela: ‘Moena, se tla finyella molemo o moholo haholo ha se lefella Bethele e ncha ho feta ha se le letsohong la ka!’ . . . Banyalani ba ile ba etsa menehelo ka chelete eo ba ipoloketseng eona bakeng sa maeto. Bana ba ile ba romela chelete eo ba ipoloketseng eona. Mocha e mong ea neng a rera ho reka katara o ile a nehelana ka chelete eo bakeng sa morero oa kaho ea lekala.”

38 E, li etsisa Baiseraele lefeelleng, Lipaki tsa Spain li ile tsa bontša boikutlo ba ho fana ka seatla se bulehileng le ka “pelo tse ithatetseng.” Ha lia ka tsa khona ho fana ka se neng se hlokahala feela ka tsela ea lintho tse bonahalang, empa li ile tsa ithaopela ho etsa mosebetsi. Li ile tsa tla ka likete. Tse ling li ile tsa tla ka nako e tletseng, tse ling tsa tla sebetsa nakong ea matsatsi a phomolo le mafelong a beke. Empa li ile tsa phetha mosebetsi! Ka lebaka la boitelo ba tsona, moea oa “pelo tse ithatetseng,” li ile tsa khona ho phetha seo ho neng ho bonahala eka ke mosebetsi o ke keng oa etsoa.

39 Ke oona moea ona le boikutlo ba pelo tsa batho ba Jehova tse nolofaletsang Mokhatlo ho tšehetsa ka lichelete mosebetsi oa ho bolela le merero ea kaho ea makala e ntseng e tsoela pele hona joale. Ka hona, ho molemo ho rōna hore e mong le e mong oa rōna a hlahlobe boikutlo ba hae mabapi le ho fana nako le nako. Joalokaha Pauluse a boletse ho 2 Ba-Korinthe 9:7, e mong le e mong o tlameha ho iketsetsa qeto pelong ea hae hore na o tla fana ho isa bohōleng bofe—a etsa joalo a ‘sa soaba, hobane Molimo o rata ea fanang a thabile.’ Ho loketse hore kaofela ha rōna re ipotse: Haeba ho tšehetsoa ha mosebetsi oa ’Muso ka lichelete ho ne ho itšetlehile ka moea oo ’na ke fanang ka oona, na ho ne ho tla finyelloa litlhokahalo tsohle? Na ke hlile ke etsa boitelo? Kapa, ke mpa feela ke fana ka se fokolang se tsoang ho tlalloeng ha ka ho tšehetsa mosebetsi oa Jehova? Na pelo ea ka e ntšusumelletsa ho tšehetsa tšebeletso ea Jehova ka botlalo?

40 Baena ba bangata ba khetha ho romella menehelo ea bona bakeng sa mosebetsi oa ’Muso le bakeng sa morero oa kaho ka ho toba ho Mokhatlo. Re ananela menehelo eohle e joalo ka ho teba ’me re ngolla e mong le e mong ho bontša hore re o amohetse. Haeba u lakatsa ho etsa monehelo ka tsela ena, ka kōpo romella monehelo oa hao ho: Watch Tower Society, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740. Ba bang ba ka ’na ba rata ho tšela menehelo ea bona ka lebokoseng Holong ea ’Muso le tšoailoeng “Branch Building Fund.”

41 Ho ke ke ha latoloa hore ho na le likarolo tse ngata tse hlokang hore u li tšehetse ka lichelete. Tsena li akarelletsa Holo ea lōna ea ’Muso, mosebetsi oa boboleli ba ’Muso lefatšeng ka bophara, mohlomong holo ea kopano sebakeng sa heno, hammoho le morero oa kaho ea lekala la Mokhatlo. Sena se le hloka hore le be ba leka-lekaneng ’me le etse seo le ka khonang ho se etsa. Ka kōpo kholisehang hore eng kapa eng eo lipelo tsa lōna li le susumelletsang hore le e etse, Mokhatlo o ananela tšehetso ea lōna ea kamehla. Rea hlokomela hore bophelo ha bo bonolo ho ba bangata ba lōna. Ba bang ho lōna le “kolla ntsi hanong” ka lebaka la theko e phahameng ea lintho tsa bophelo le likhatello tse tsoang lefatšeng. Ke ka lebaka leo e mong le e mong a tlamehang ho iketsetsa qeto pelong ea hae hore na ke ho isa bohōleng bofe a ka tšehetsang Mokhatlo bakeng sa ho hlokomela mosebetsi oa ’Muso. Leha ho le joalo, re ka kholiseha ka lerato la Jehova ha re etsa seo re ka se khonang ho ntšetsa lithahasello tsa ’Muso pele.

42 U Qetelletse Neng ho Etela Bethele?: Ha le ntse le nahana ka hloko le ka thapelo ka mehopolo ena, re rata ho le mema hore le tl’o bona se etsahalang mona Bethele. Banyalani ba bang ba tsoang Cape Town ba ile ba pheta: “Ha ho letho le ileng la re lokisetsa hore re nahane esale pele ka boholo le ho rarahana ha lekala lena. Ka ho khetheha ke mafolo-folo a baena le bo-khaitseli bohle, le lerato le totobetseng le bonahalang, tse ileng tsa matlafatsa kholiseho ea rōna ea hore ona e fela e le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova.” Banyalani ba bang ba tsoang Natala ba ile ba ngola ka kananelo: “Ho ile ha re thabisa lipelo ho iponela setsi sa borapeli se setle seo re nang le sona. Ka sebele re ne re hlolletsoe ke mosebetsi o motle o tsoileng matsoho, hammoho le thepa e babatsehang e sebelisitsoeng ho haha Bethele. Ka sebele, Jehova o tšolotse tlhohonolofatso ea hae!—Malakia 3:10.”

43 Kahoo, ke hobane’ng ha le sa tle ’me la tla iponela mehaho e ekelitsoeng morao tjee? Leeto la rōna la ho bona sebaka sena hona joale le akarelletsa le ho etela setšeng sa kaho moo, le le boemong bo phahameng, le ka bonang kamoo mokhoa oa kaho oa tilt-up o etsoang kateng. ’Me ha le bona keketseho e tsotehang e etsahalang, joale ka kōpo hlokomelang hore ke ka hobane e mong le e mong oa rōna, ‘eo pelo ea hae e mo susumellelitseng,’ o entse monehelo mosebetsing ona o moholo o hlohonolofatsoang ke Jehova.

44 Ka bohlale Salomone o ile a hlokomela: “Ekare ha e se Jehova ea hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela.” (Pes. 127:1) E, ka ntle ho moea oa Jehova le tlhohonolofatso ea hae, mosebetsi oa rōna Bethele e ne e tla ba oa lefeela. Kahoo baena, ka boikokobetso re kōpa hore le tsoele pele ho rapella tataiso ea Jehova mosebetsing ona oa bohlokoahali. Ka holim’a tsohle tseo lipelo tsa lōna li le susumelletsang ho li etsa, le ka bontša tšehetso ea lōna e tsoelang pele Bethele ka lithapelo tsa lōna tsa kamehla le tse tlohang botebong ba pelo. E se eka Molimo oa rōna, Jehova, a ka hlohonolofatsa ka ho enneng tšebeletso ea boinehelo ea bahlanka bohle ba hae ba “pelo tse ithatetseng” thorisong e sa feleng le tlōtlong ea lebitso la hae le leholo le khanyang ka ho fetisisa!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela