“Tumelo e Latela Ntho e Utloiloeng”
1 Ha re fumana motho ea nang le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng,” ke habohlokoa ho matlafatsa tumelo ea motho eo ka seo a se utloileng. (Lik. 13:48; Baroma 10:17) Bakeng sa ho finyella seo, re lokela ho khutlela moo ho tsamaisitsoeng limakasine le ho isa litokollo tsa morao-rao le ho ntšetsa puisano pele. Hape re lokela ho falimehela ho fana ka peeletso ea limakasine tsa rōna. Leha ho le joalo, hopola pakane ea ho qalisa thuto ka buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Litlhahiso tse ling tse ka thusang ke tsena:
2 Ha u etsa leeto la ho boela moo le buisaneng ka sehlooho “Rorisang Morena oa Bosafeleng!,” u ka qala ka tsela ena:
◼ “Nakong e fetileng ha re ne re buisana, re ile ra hlahloba bo bong ba bopaki bo matla bo tiisang hore ho na le Molimo ea matla ’ohle. Leha ho le joalo, ho lemoha feela hore o teng ha hoa lekana. Ho hlokahala hore re tsebe lebitso la hae. U bitsa Molimo ka lebitso lefe? [Emela karabo.] Batho ba limilione ba mo bitsa feela ‘Morena’ kapa ‘Molimo,’ e leng litlōtla tse sa mo khetholleng. Ho phaella moo, o batla hore re mo tsebe ka lebitso la hae. [Bala Pesaleme ea 83:18.] Bibele e re bolella ho hongata ka Jehova Molimo, joalokaha ho hlalositsoe bukeng ena.” ’Montše setšoantšo se leng leqepheng la 29 la buka Tsebo, ’me u bale mantsoe a hlalosang setšoantšo. Ka mor’a hore le buisane ka lirapa tsa pele tse tharo khaolong ea 3, u tla be u qalisitse thuto!
3 Ho bao le ileng la tšohla le bona sehlooho “Lebaka Leo ka Lona Bolumeli ba Lefatše bo Tla Fela,” mohlomong u ka rata ho latella thahasello ka ho re:
◼ “Ka mor’a ho bala sehlooho sena, ho ka etsahala hore ebe u khahluoe ke ’nete ea hore re ke ke ra talima malumeli ’ohle ka tsela e tšoanang. Bolumeli ba ’nete bo teng le ba bohata bo teng. Sena se phahamisa potso e loketseng, Ke bolumeli ba bo-mang boo Molimo a bo amohelang? Karabo e ile ea fanoa ke Jesu, ’me e fanoe bukeng ena.” Phetla khaolong ea 5 ea buka ea Tsebo ’me u bale serapa sa 4, ho akarelletsa le Johanne 4:23, 24. Ebe ua botsa, “Na u rata ho amohela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng?” Haeba a lumela, phetla khaolong ea 1 ’me u qale thuto.
4 Ha ho bontšitsoe thahasello ho “Tsoha!” ea May 8, ha u khutlela mohlomong u ka ’na ua leka katamelo ena bakeng sa ho qala thuto ka buka ea “Tsebo”:
◼ “U ka ’na ua hopola puisano ea rōna ka litebello tsa ho bona lefatše le se nang ntoa qetellong. Ho thata ho nahana hore na lefatše leo le tla ba joang. Mohopolo oa motšoantši e mong ke ona ka lona. [’Montše setšoantšo se maqepheng a 188-9 bukeng ea Tsebo.] Na e ne e ke ke ea e-ba ho thabisang ho thabela tikoloho e tjee? [Phetla maqepheng a 4-5, ’montše setšoantšo, ’me u bale lebokose.] Sehlooho sa buka ena se tšoana le mantsoe a Jesu a fumanoang ho Johanne 17:3. [E bale.] Haeba u lumela, ke rata ho u bontša kamoo buka ena e ka sebelisoang hammoho le Bibele ea hao ho fumana tsebo eo e pholosang.” Haeba mong’a ntlo a lumela, qala thuto khaolong ea pele.
5 Haeba u ile ua fumana motho ea phathahaneng ha u ne u tlile ka lekhetlo la pele, u ka ’na ua bua sena ha u khutlela:
◼ “Ke sa tsoa u etela haufinyane ’me ka u siela likopi tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Likoranta tsena li haha tlhompho bakeng sa Bibele le tataiso ea eona ea boitšoaro. Kaha ke utloa eka ho hlokahala hore e mong le e mong a utloisise Lentsoe la Molimo, ke khutlile ho tla u bontša ntho e ’ngoe e ka u thusang ho etsa joalo.” ’Montše buka ea Tsebo, le ho supa tse ka hare leqepheng la 3. Botsa hore na ke khaolo efe e thahasellisang ka ho fetisisa, e phetle, ’me le qale thuto.
6 Thabo ea rōna e tla ba khōlō haeba re khona ‘ho bulela ba bang monyako oa tumelo’ o lebisang bophelong bo sa feleng.—Lik. 14:27; Joh. 17:3.