Litaba Tsa Puso ea Molimo
Afrika Boroa: Re thabela ho tlaleha hore ho tla fihlela joale ho se ho nehetsoe Liholo tsa ’Muso tse 11 selemong sena sa tšebeletso, e leng: Buccleuch (Johannesburg), Durbanville, Ekangala (Bronkhorstspruit), Ethwathwa (Benoni), Lamontville (Durban), Louis Trichardt, Mahalapye (Botswana), Masele (King William’s Town), Weltevrede (Marble Hall), Mariannhill (Pinetown) le Kwa-Mashu (Durban).
Ka sebele re qalile selemo sena sa tšebeletso sa 1996 hantle. E se eka re ka khothaletsa basebetsi bao bohle ba baithaopi hore ba tsoele pele ka tšehetso e ntle eo ba e fang Likomiti tse 23 tsa Kaho tsa Libaka.
Menehelo ea lōna ea khoeli le khoeli le eona e ananeloa haholo. Re kōpa baholo ho etsa bonnete ba hore ho na le lebokose la monehelo le tšoailoeng ka ho hlaka bakeng sa Letlole la Kaho ea Liholo tsa ’Muso la Mokhatlo. Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe monehelo o eang letloleng lena, Mokhatlo o tla bontša hore o o amohetse ’me sena se lokela ho balloa phutheho.