Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/96 leq. 1
  • Etsisa Tumelo ea Bona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etsisa Tumelo ea Bona
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E-ba le Tumelo Litšepisong Tsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • “Re fe Tumelo e Eketsehileng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Tumelo e re Thusa ho ba Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Bontša Tumelo e Thehiloeng ’Neteng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 6/96 leq. 1

Etsisa Tumelo ea Bona

1 Moapostola Pauluse o ile a hlalosa tumelo e le “tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona, bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” A phaella ka hore ‘ka ntle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho khahlisa Molimo haholo.’ (Baheb. 11:1, 6) Pauluse o ile a re khothaletsa ho sebelisa tumelo, e khaphatsehe ka ho rōna ’me re e phehelle.—2 Bakor. 4:13; Bakol. 2:7; 2 Tim. 2:22.

2 Ho na le mehlala e mengata e ikhethang ea tumelo e boletsoeng ka Bibeleng. Ho Baheberu khaolo ea 11, Pauluse o fana ka lethathamo le lelelele la lipaki tse ileng tsa bontša tumelo e sa sekisetseng. Ea kopanyelletsoang lethathamong lena ke Abele, e leng eena oa pele oa ho bolaeloa tumelo. Noe o thathamisitsoe hobane ka tumelo ea hae o ile a bontša tšabo ea bomolimo e neng e hlokahala bakeng sa ho pholosa ba lelapa la hae. Abrahama o babaletsoa tumelo ea hae le ho mamela ha hae. Moshe oa rorisoa hobane ka tumelo ea hae o ile a tsoela pele a eme a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng. Lethathamo la mehlala ena le ne le le lelelele hoo Pauluse a ileng a re o ne a tla siuoa ke nako haeba a ne a ka tsoela pele ho e pheta kaofela ha eona. Re leboha hakaakang hore ebe re ka matlafatsa tumelo ea rōna ka ho hlahloba ‘liketso tsa bona tse halalelang tsa boitšoaro le liketso tsa boinehelo ba bomolimo’!—2 Pet. 3:11.

3 Lekholong la pele la lilemo, Jesu o ile a hlahisa potso ena: “Ha Mora oa motho a fihla, na ka sebele o tla fumana tumelo lefatšeng?” (Luka 18:8) Joale, na kajeno re na le mehlala e phelang ea tumelo har’a rōna? Na re bona banna le basali, ba banyenyane le ba baholo, ba bonahatsang tumelo e sa thekeseleng ho Jehova joalokaha ho bile joalo ka batho ba Molimo mehleng ea Bibele?

4 Mehlala ea Kajeno ea Tumelo: Mehlala e ikhethang ea tumelo e lokela ho fumanoa hohle ho re potoloha! Tumelo ea balebeli ba etellang pele har’a rōna e tšoanela ho etsisoa. (Baheb. 13:7) Empa bana hase bona feela ba behang mehlala ea tumelo. Ho na le ba kopanelang le phutheho e ’ngoe le e ’ngoe ba tšepahalang ba nang le tlaleho e telele ea tšebeletso e tšepahalang ho Jehova, eo hangata e etsoang tlas’a maemo a thata haholo.

5 Re tlameha ho babatsa baralib’abo rōna ba tšepahalang bao, ka lilemo, ba mameletseng khanyetso e tsoang ho banna ba hanyetsang. Batsoali ba se nang balekane ba ile ba tlameha ho tobana le phephetso ea ho hōlisa bana ba le bang. Ho na le basali ba bahlolohali ba hōlileng har’a rōna bao ho seng mohla ba bang sieo litšebeletsong tsa phutheho leha e ka ’na eaba ha ba na malapa a ba thusang. (Bapisa le Luka 2:37.) Re tsota tumelo ea ba mamellang maloetse a sa foleng. Ba bangata ba tsoela pele ba sebeletsa ka botšepehi esita leha ba e-na le mefokolo e ba thibelang hore ba abeloe litokelo tse eketsehileng tsa tšebeletso. Ho na le Lipaki tse nyenyane lilemong tse ileng tsa sebelisa tumelo ka sebete ho sa tsotellehe khanyetso sekolong. Boinehelo ba rōna ba bomolimo bo ba matla ha re sheba bo-pula-maliboho ba tšepahalang ba tiisetsang selemo le selemo ha ba thulana le mathata a maholohali. Joaloka Pauluse feela, re ne re tla siuoa ke nako hoja ra leka ho pheta liphihlelo tsohle tšebeletsong ea ’Muso le liketsong tsa tumelo tse entsoeng ke bara le barali bana babo rōna!

6 Mehlala ena ea ba tšepahalang e re fa matšeliso le khothatso. (1 Bathes. 3:7, 8) Re etsa hantle ha re etsisa tumelo ea bona hobane “ba etsang ka botšepehi ke monyaka ho [Jehova].”—Liprov. 12:22, NW.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela