Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla sebelisoa ka July le August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang ka monehelo oa R1,00 e le ’ngoe: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Moo ho loketseng, ho ka nehelanoa ka bukana ea Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? September: Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng ka monehelo oa R3,50 kapa U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. October: Lipeeletso tsa selemo ka poso bakeng sa Tsoha! kapa Molula-Qhooa ka monehelo oa R38,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Peeletso ea selemo bakeng sa likhatiso tse tsoang hang ka khoeli kapa peeletso ea likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R19,00. Lipeeletso tsa club ke R24,00 le R12,00 ka ho latellana. Etsa boiteko bo khethehileng ba ho tsamaisa likopi tsa limakasine ha seo ho nehelanoang ka sona se hanoa.
◼ Ho qala ka September, balebeli ba potoloho ba tla fana ka puo ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng “Ke Mang ea Tšoanang le Jehova Molimo oa Rōna?”
◼ Lik’hasete tse Ncha tse Fumanehang:
Knowledge That Leads to Everlasting Life (sete ea lik’hasete tse hlano ka har’a albamo; phutheho le batho bohle: R40,00; bo-pula-maliboho: R30,00)—Senyesemane
◼ Ka kōpo hlokomelang: Re khothaletsa bahoeletsi ho fana ka buka ea Phela ka ho sa Feleng tšimong ea rōna e sa abuoang kapa e tšohang e sebelitsoe. Theko e ntse e le ka tsela e latelang:
Bahoeletsi Bo-pula-maliboho
Tse khōlō R8,00 R5,50
Tse nyenyane R4,00 R2,80
Ka kōpo kōpang phokoletso bakeng sa buka ea Phela ka ho sa Feleng ka ho thathamisa hore na ke libuka tse kae tse khōlō le tse nyenyane tse nkiloeng ke bahoeletsi le bo-pula-maliboho ka ho latellana tlas’a mola “Lintho tse ling” foromong ea Tefello le Kōpo ea Phokoletso (S-AB-20).