Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/96 leq. 1
  • Tsamaea ka Tumelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsamaea ka Tumelo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Re fe Tumelo e Eketsehileng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Tumelo e re Thusa ho ba Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • E-ba le Tumelo Litšepisong Tsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • “Nthuse Moo ke Haelloang ke Tumelo!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 9/96 leq. 1

Tsamaea ka Tumelo

1 Batho ba limilione ba likolohisa bophelo ba bona linthong tse bonahalang tseo ba nang le tsona, ka bothoto ba tšepa matla a thetsang a maruo. (Mat. 13:22) Ba ithuta thuto e bohloko ha maruo a bona a lahleha kapa a utsuoa kapa a ipaka a se na molemo. Re khothalletsoa ho hahamalla tsela e bohlale, ho phehella matlotlo a moea. (Mat. 6:19, 20) Sena se akarelletsa ho “tsamaea ka tumelo.”—2 Bakor. 5:7.

2 Lentsoe “tumelo” le fetoletse lentsoe la Segerike le fetisang moelelo oa kholiseho, tšepo le tšusumetso e tiileng. Ho tsamaea ka tumelo ho bolela ho tobana le mathata a boima re e-na le tšepo ho Molimo, re tšepa matla a hae hore o tla tataisa mehato ea rōna le ho tšepa hore ka boithaopo o tla re hlokomela ka lintho tseo re li hlokang. Jesu o ile a beha mohlala o phethahetseng; o ile a lula a tsepamisitse mahlo ho seo e neng e hlile e le sa bohlokoa. (Baheb. 12:2) Ka ho tšoanang, ho hlokahala hore re behe lipelo tsa rōna linthong tse sa bonoeng, tsa moea. (2 Bakor. 4:18) Kamehla re tlameha ho hopola ho hloka botsitso ha bophelo ba rōna ba hona joale le ho lumela hore re itšetlehile ka Jehova ka ho feletseng.

3 Hape re tlameha ho kholiseha ka tieo hore Jehova o re tataisa ka mokhatlo oa hae o bonahalang tlas’a tataiso ea “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45-47) Re bontša tumelo ea rōna ha re ‘mamela ba etellang pele’ ka phuthehong. (Baheb. 13:17) Ho sebelisana ka boikokobetso le tokisetso ea bomolimo ho bonahatsa hore re tšepa Jehova. (1 Pet. 5:6) Re lokela ho susumelletseha ho tšehetsa ka pelo eohle mosebetsi oo mokhatlo o hlophisitsoeng o o filoeng hore o o etse. Sena se tla re hulela haufinyane le barab’abo rōna tlamong e matla ea lerato le bonngoe.—1 Bakor. 1:10.

4 Mokhoa oa ho Matlafatsa Tumelo: Ha rea tšoanela ho lumella tumelo ea rōna hore e be e emeng ’nģa e le ’ngoe. Ho hlokahala hore re loanele ka thata ho e eketsa. Ho ithuta, thapelo le ho ba teng libokeng kamehla ho tla re thusa ho matlafatsa tumelo ea rōna e le hore, ka thuso ea Jehova, e ka mamella teko leha e le efe. (Baef. 6:16) Na u se u e-na le kemiso e ntle e tsepameng ea ho bala Bibele letsatsi le letsatsi le ho lokisetsa liboka? Na hangata u thuisa ka seo u ithutang sona, hona na u atamela Jehova ka thapelo? Na ke tloaelo ea hao ho ba teng libokeng tsohle le ho ba le karolo ho tsona ha ho hlaha monyetla?—Baheb. 10:23-25.

5 Tumelo e matla e pakoa ke mesebetsi e metle. (Jak. 2:26) E ’ngoe ea litsela tse molemohali tsa ho bontša tumelo ea rōna ke ka ho bolella ba bang tšepo ea rōna. Na u batla menyetla ea ho kopanela litaba tse molemo? Na maemo a hao a ka fetoloa ho u nolofalletsa ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong? Na u sebelisa litlhahiso tseo re li fumanang ho ntlafatsa boleng ba tšebeletso ea rōna le ho atleha ha eona? Na u ipehela lipakane tsa moea le ho ikitlaelletsa ho li finyella?

6 Jesu o ile a lemosa ka ho ameha ka ho fetisisa litabeng tsa letsatsi le letsatsi tsa bophelo le ho lumella lithahasello tsa ho rata lintho tse bonahalang kapa tsa boithati ho fifatsa pono ea rōna ea moea. (Luka 21:34-36) Re tlameha ho lula re lebetse ka tieo tsela eo re tsamaeang ka eona e le hore re ka qoba ho senyeheloa ke tumelo. (Baef. 5:15; 1 Tim. 1:19) Kaofela ha rōna re tšepa hore qetellong re tla nolofalloa ke ho bolela hore re ‘loanne ntoa e ntle, re mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong, re bolokile tumelo.’—2 Tim. 4:7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela