Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/96 leq. 3
  • Na U Ananela Phetolelo ea Lefatše le Lecha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Ananela Phetolelo ea Lefatše le Lecha?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 11/96 leq. 3

Na U Ananela Phetolelo ea Lefatše le Lecha?

1 Re ile ra thaba hakaakang ha ho ne ho lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka lipuo tsa habo rōna tse ’nè likopanong tsa morao-rao! Bamameli ba ile ba e amohela ka litlatse tse khōlō. Na u sa hopola ponahalo ea bahoeletsi bao ka thabo ba neng ba kolokile moleng ho ea iphumanela likopi tsa bona? Ba bang ba ile ba qala ho e bala hona hoo, ’me libui li ile tsa e sebelisa sethaleng letsatsing lona leo. E bile ho thabisang ho bona bahoeletsi le bo-pula-maliboho ba e fumanela liithuti tsa bona tsa Bibele le malapa a bona.

2 Mor’abo rōna e mong o ile a arabela: “Re ’nile ra letela phetolelo e tšepahalang ka nako e telele haholo.” E mong pele o ile a bontša kananelo ho Jehova, ho Mokhatlo le ho bafetoleli bakeng sa nako le boiteko tsohle tseo ba li sebelisitseng mosebetsing ona.

3 Bohlokoa ba Eona: Lebitso le leholo ka ho fetisisa bokahohleng le hlahella ka makhetlo a 237 ho Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste feela. (Bona Sehlomathiso 1-2.) Le hoja bafetoleli ba Bokreste-’mōtoana le ba Bajuda hangata ba ne ba siea lebitso la Molimo ka thōko Libibeleng tsa bona, Lipaki tsa Jehova li file lebitso leo sebaka sa lona se loketseng le tlhompho. Na seo ka bosona hase lebaka le utloahalang la ho sebelisa Phetolelo ea Lefatše le Lecha?

4 Ke ’nete hore ba bangata ba rōna re ile ra lokela ho tloaelana le puo ea lentsoe ka lentsoe ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Empa Molula-Qhooa o re tloaelitse a mangata a mantsoe ana le ho nepahala ha ’ona. Le hoja mohlomong re tloaetse Libibele tsa rōna tsa khale, ha li bontše hantle ho nepahala le bonolo tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Ha ho hlokahale hore re khathatsehe ka litemana tse sa nepahalang kapa lithuto tsa bohata mabapi le Bomolimo ba Jehova, boemo ba bafu le litaba tse ling. Moholo e mong o ile a re: “E hlakile ’me ho bonolo ho e utloisisa, ’me haufinyane re tla tšoara litemana ka hlooho joalokaha re ile ra etsa ka Bibele ea khale.” Ho hlaka le ho nepahala ha phetolelo ena ho e etsa e khethehileng.

5 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ke thuso e babatsehang ea ho ithuta Bibele. Maqephe a ka bang lekholo a sebeliselitsoe lethathamo la libuka tsa Bibele, Tlhahlamano ea Mantsoe a Bibele, sehlomathiso, Lihlooho tsa Bibele tsa Puisano le limmapa. Sena sohle se ka etsa hore ’malo ea Bibele e be o thabisang e le kannete.

6 E Sebelise Hantle: Na Phetolelo ea Lefatše le Lecha e qeteletse e fumaneha ka puo ea hao? Haeba ho joalo, na u se u e balile kaofela? Ho thoe’ng ka litho tsa lelapa la hao le liithuti tsa Bibele? Ke hobane’ng ha le sa e bale hammoho le le lelapa kapa le motsoalle? Ka tsela ena u ka tloaelana le eona le ho ithuta seo e se tšoereng.

7 Etsa bonnete ba hore u tla u tšoere kopi ea hao libokeng. Ka linako tsohle ha u e-na le karolo lenaneong, e sebelise ha u bala Mangolo a Segerike. Ho nka Bibele ea bobeli ho ka ’na ha baka tšitiso e nyenyane, empa u tla fumana thabo e khōlō ka ho sebelisa phetolelo ena ea boemo bo phahameng.

8 Ha Jehova a rata, re tšepa ho ba le Bibele e feletseng haufinyane. Leha ho le joalo, khabareng ho hlokahala hore re tsamaise setoko sa rōna se sengata sa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. U ka thusa joang? E sebelise tšebeletsong ea tšimo ha u bala Mangolo a Segerike. Ka bohlale bolella mong’a ntlo hore u bala phetolelong eo mohlomong a sa tloaelanang le eona. Mo bontše lithuso tse ngata tsa ho ithuta Bibele tse fumanehang ka har’a Phetolelo ea Lefatše le Lecha ’me u botse haeba a ka rata ho ba le kopi. Hape e buelle ho liithuti tsa Bibele kaha ka sebele e tla tlatsetsa khatelo-peleng ea tsona ea moea.

9 Haufinyane tjena, mocha ea lilemo li robong o ile a bonoa ka bohlale a phetla Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka linako tsohle ha ho baloa Mangolo a Segerike. Ke mohlala o motle hakaakang oa kananelo e tiileng! E se eka re ka bontša kananelo e tšoanang ka tsela eo re sebelisang mpho ena e ntle e tsoang ho Ntate oa rōna oa leholimo ea lerato.—Jak. 1:17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela