Litsebiso
◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka September: Lekunutu la Thabo ea Lelapa ka monehelo oa R4,00. October: Peeletso ea selemo ea Tsoha! kapa ea Molula-Qhooa ka poso ka monehelo oa R48,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Peeletso ea selemo bakeng sa likhatiso tse tsoang hang ka khoeli kapa peeletso ea likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R24,00. Lipeeletso tsa club ke R24,00 le R12,00 ka ho latellana. Etsa boiteko bo khethehileng ba ho tsamaisa likopi tsa limakasine ha seo ho nehelanoang ka sona se hanoa. Ho tloha karolong e qetellang ea khoeli, ho tla abuoa Kingdom News No. 35. November: Ho abuoa ha Kingdom News No. 35 ho tla tsoela pele. Liphutheho tse phethang tšimo ea tsona ka ho finyella beng ba matlo lelapeng le leng le le leng kapa sebakeng se seng le se seng sa bolulo ka kopi ea Kingdom News No. 35 li ka nehelana ka buka ea Tsebo. December: Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste le Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? ka monehelo oa R8,00.
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong feela eo a mo khethileng, o lokela ho hlahloba libuka tsa lichelete tsa phutheho ka la 1 September kapa kapele ka mor’a moo. Tsebisa phutheho ha sena se entsoe.
◼ Ka Moqebelo oa la 18 October, 1997, Lehae la Bethele le fektheri li tla be li koetsoe bakeng sa ho hloekisoa, kahoo, ho ke ke ha e-ba le litokisetso tsa hore batho ba bontšoe mehaho.
◼ Baholo ba hopotsoa hore ba nke bohato ka litaelo tse fanoeng leqepheng la 21-3 la Molula-Qhooa oa April 15, 1991, mabapi le batho leha e le bafe ba khaotsoeng kapa ba ikarotseng bao e ka ’nang eaba ba sekametse ho khutlisetsoeng.
◼ Ha liphutheho li odara libuka, li lokela ho hopola hore CD-ROM ea Mokhatlo ha e fuoe mang le mang. E etselitsoe hore ka ho khetheha e sebelisoe ke bahoeletsi.
◼ Mona re hopotsa LIPHUTHEHO TSOHLE hore li odare likarete tsa Advance Medical Directive/Release le li-Identity Card kapele kamoo ho ka khonehang kateng foromong ea Literature Order (S-AB-14). Liphutheho tse se nang mokitlane Mokhatlong kapa tse nang le khaello mokitlaneng oa tsona oa libuka, li lokela ho romela chelete le odara ea tsona. Likarete tsa medical directive ke lisente tse 12 ka ’ngoe ’me li-Identity Card ke lisente tse 10 ka ’ngoe. Ka kōpo le odare ka lihlopha tsa tse 20 haeba ho khoneha. Le se ke la aba likarete tsena, empa le li boloke ho fihlela le fumana litaelo tse ling tse tsoang ho Mokhatlo.
◼ “Lebokose la Lipotso” la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea May 1997 le ile la re khothalletsa hore re be hlokolosi ha re sebetsa le bahoeletsi ba bong bo sa tšoaneng le ba rōna tšebeletsong ea tšimo. Ho na le mabaka a matle a hore bohle re ahlole litaba hantle tabeng ena. Sena ha se bolele hore balebeli ba tsamaeang haesita le bona barab’abo rōna ba bang ba ke ke ba sebetsa le baralib’abo rōna tšebeletsong ea tšimo. Ho e-na le hoo, ho ile ha boleloa maikutlo a hore ha ho bohlale hore mor’abo rōna a qete nako kamehla a sebetsa a le mong le motho a le mong oa bong bosele eo a sa amaneng le eena.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho kenyelletsa odara ea Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 1998 odareng ea tsona ea libuka ea September. Lialmanaka li tla fumaneha ka Seafrikanse, Sefora, Segerike, Sejeremane, Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Setaliana, Sexhosa le Sezulu. Lintho tsena ke tsa setoko se laoloang. Liphutheho tse se nang mokitlane Mokhatlong kapa tse nang le khaello mokitlaneng oa tsona li lokela ho romela chelete le odara ea tsona.
◼ Compact Disc e Ncha e Fumanehang:
Kingdom Melodies Volume 4 (’Mino oa liletsa; phutheho, batho bohle le bo-pula-maliboho: R17,00)
◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Matsatsi a kopano ea setereke e latelang a fetohile:
December 26-28: Springs.