Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/98 leq. 2
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 2/98 leq. 2

Litaba Tsa Puso ea Molimo

Afrika Boroa: Re thabela ho le tsebisa hore Liholo tsa ’Muso tse eketsehileng tse robeli li ile tsa neheloa ka khoeli ea November: Jericho (Brits), Lower Xongora (Umtata), ’Mantšebo, Masoeling, Mohale’s Hoek (Lesotho), Newlands (Durban), Rusthof (Strand), le Qutubeni. Rusthof ke Holo ea ’Muso ea pele e hahiloeng kapele tikolohong ea Cape Town, kahoo, baithaopi ba fetang 100 ba tsoang ho Komiti ea Kaho ea Libaka ea Witwatersrand ba ile ba theohela teng ka litšenyehelo tsa bona ho ea thusa bara bao babo rōna. Ka sebele moea oa bona oa boitelo oa babatseha ’me o ananeloa haholo.

KA KŌPO HLOKOMELA: Ho na le tlhokahalo e khōlō ea Liholo tsa ’Muso libakeng tsa mahae tsa Afrika Boroa, hammoho le Botswana, Lesotho, Swaziland le moo e neng e le Transkei. Kahoo, re ipiletsa ho bohle ba nang le tsebo ea ho haha ’me ba rata ho thusa hore ka kōpo ba iteanye le Mokhatlo kapele kamoo ho ka khonehang. Lebaka ke hore Mokhatlo o lokisetsa seboka se tla tšoaroa le Likomiti tsohle tsa Kaho tsa Libaka ka May 1998 bakeng sa ho teka ka pel’a tsona mokhoa o mocha oa kaho o litšenyehelo li tlaase. Haeba u rata ho haha moo tlhokahalo e leng khōloanyane, le uena u tla mengoa hore u be teng sebokeng sena. Pakane ea Mokhatlo ke ho thusa barab’abo rōna hore ba khahlanyetse phephetso ea ho haha Liholo tsa ’Muso kaha Sehlopha se Busang se lakatsa ho bona phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le Holo ea eona ea ’Muso haufinyane. Kahoo, ka kōpo nahanela kōpo e ka holimo ka thapelo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela