Litsebiso
◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka April le May: Peeletso ea selemo ea Molula-Qhooa ka poso ka monehelo oa R48,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Peeletso ea selemo bakeng sa likhatiso tse tsoang hang ka khoeli kapa peeletso ea likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R24,00. Lipeeletso tsa club ke R24,00 le R12,00 ka ho latellana. Ha mpho e hanoa, etsa boiteko bo khethehileng ba ho tsamaisa likopi tsa limakasine. Moo peeletso e hanoang teng, nehelana ka Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste le limakasine tse peli ka monehelo oa R6,00. June: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R15,00, kapa Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R7,50. July le August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang ka monehelo oa R1,20 e le ’ngoe: Ha eo U mo Ratang a E-shoa, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso o Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Moo ho loketseng ho ka nehelanoa ka libukana tsa Buka ea Batho Bohle, Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, Our Problems—Who Will Help Us Solve Them? le Will There Ever Be a World Without War?
◼ Khoeli ea May e na le mafelo-beke a mahlano ’me ke nako e loketseng hore ba bangata ba nke bopula-maliboho bo thusang.
◼ Bethele e hloka kapele-pele ngaka ea meno e tšoanelehang le mooki ba tlang ho sebeletsa ka nako e tletseng. Haeba mohlomong u le mahareng a lilemo tse 19 le tse 35, u phetse hantle ’meleng, u le lesoha, kapa haeba u nyetse, u se na ba leng tlas’a tlhokomelo ea hao, na u ka iketsa ea fumanehang bakeng sa tšebeletso ena e khethehileng ea Bethele? Haeba ho joalo, ka kōpo ngola kapa u letsetse Mokhatlo bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara meqolo ea 1997 ea The Watchtower le Awake! Meqolo ena e tla fumaneha ka Sejeremane, Senyesemane le Sepotoketsi. Ha lea lokela ho romela chelete hammoho le liodara haeba phutheho ea lōna e e-na le ak’haonte ea libuka le Mokhatlo. Li tla lefisoa ak’haonteng ea libuka ea phutheho. Ho fihlela ha meqolo ena e fihla ’me e romeloa, e tla ’ne e hlahe e le “Back Ordered” ho li-invoice tsa phutheho. Liphutheho tse nang le khaello ea chelete ak’haonteng ea tsona li lokela ho romela chelete le liodara tsa tsona. Meqolo ena ke thepa ea setoko se laoloang ’me e tla lefelloa R30,00 o le mong ke phutheho, batho bohle le bo-pula-maliboho.
◼ Phutuho ea tšimo e sa abuoang e tla ba khoeling ea August ho fihlela ka October 1998. Bahoeletsi le bo-pula-maliboho ba khothalletsoa ho tšehetsa tokisetso ena, ’me ka tsela ena ba etse bonnete ba hore ba bangata ba leng tšimong e sa abuoang ba fumana bopaki ka ho feletseng.
◼ Mokhatlo ha o sebetse likōpo tsa libuka tsa bahoeletsi ka bomong. Molebeli ea okamelang o lokela ho lokisetsa hore ho etsoe tsebiso khoeli e ’ngoe le e ’ngoe pele odara e romeloa ho Mokhatlo e le hore bohle ba thahasellang ho iphumanela libuka ba ka tsebisa mor’abo rōna ea tšoarang libuka. Ka kōpo hopolang hore na ke lingoliloeng life tseo e leng tsa setoko se laoloang.
◼ Li-Compact Disc Tse Ncha Tse Fumanehang:
Kingdom Melodies, Volume 7 (’Mino oa liletsa; phutheho, batho bohle le bo-pula-maliboho: R17,00)