‘Ho Hlomelloa ka ho Feletseng Bakeng sa Mosebetsi o Mong le o Mong o Molemo’
1 Kajeno batho ba Jehova ba hlohonolofalitsoe ka ho ba le lijo tse ngata tse enneng tsa moea. (Esa. 25:6) Ho na le boitsebiso bo bongata haholo ba Mangolo boo motho a ka bo thabelang thutong ea botho le thutong ea lelapa esita le libokeng tsa phutheho, likopanong tse nyenyane le tse khōlō. Empa na re sebelisa menyetla ee eohle ka botlalo ka boikemisetso ba ho ‘tšoaneleha ka botlalo le ho hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo’?—2 Tim. 3:17.
2 Ak’u nahane ka lenaneo la lijo tsa moea bakeng sa selemo sa 1998 se seng se batla se fetile halofo ea sona! Ka liboka tsa beke le beke tsa phutheho, re akaretsa tse ling tsa lintlha tse khōlō tsa libuka tse 23 tsa Mangolo a Segerike a Bakreste, re hlahloba boitsebiso bo fumanoang ho “Lihlooho Tsa Bibele Tsa Puisano” le ho akaretsa maqephe a 138 a buka ea Baboleli. Re boetse re hlahloba karolo e le ’ngoe ho tse tharo tsa buka ea Tsebo, hoo e batlang e le buka eohle ea Thabo ea Lelapa le buka eohle ea Lentsoe la Molimo. Ho phaella moo, re feptjoa ka litokollo tse 12 tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, lihlooho tse ithutoang tsa Molula-Qhooa tse 52 le hoo e batlang e le palo e kaalo ea lipuo tsa phatlalatsa lihloohong tse fapaneng tsa Bibele. Ho phaella ho tsena tsohle ho na le mananeo a enneng a likopano tse khōlō le tse nyenyane. Ke letlotlo le lekaakang la phepelo ea lintho tse molemo tsa moea tseo ho entsoeng hore re li fumane!
3 Ananela Litokisetso Tsa Jehova: E le hore re tle re rue molemo ka botlalo, ho hlokahala hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha Jehova a fana ka lijo tse ngata hakana tsa moea. Ho iphepa ka lintho tsena tse molemo ho haha tumelo ea rōna le ho matlafatsa kamano ea rōna le eena. (1 Tim. 4:6) Leha ho le joalo, lijo tsa moea ha lia etsetsoa feela hore li fumanehe bakeng sa taeo ea rōna. Li re susumelletsa ho arolelana ’nete le ba bang le ho re hlomella ho ba ba atlehileng bakeng sa ho etsa joalo re le basebeletsi ba litaba tse molemo.—2 Tim. 4:5.
4 A re se keng ra hlokomoloha litlhoko tsa rōna tsa moea, empa kamehla re hlaolele takatso e matla le e khotsofatsang ka litokisetso tsena tse tsoang tafoleng ea Jehova. (Mat. 5:3; 1 Pet. 2:2) Hore re tle re rue molemo ka botlalo ho hlokahala hore re behelle nako e lekaneng ka thōko bakeng sa lintho tsa bohlokoa tse kang thuto ea kamehla ea botho le thuto ea lelapa ea Bibele hammoho le ho ea libokeng. (Baef. 5:15, 16) Meputso e thabisang ea ho etsa joalo e tla ba tumellanong le khothatso e bululetsoeng eo Pauluse a ileng a e ngolla Bakreste ba Baheberu ba tšepahalang, joalokaha e tlalehiloe ho Baheberu 13:20, 21.